Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 50:2 - BIBELE

2 “Bolelang le phatlalatse hara ditjhaba, phahamisang mokgele, le phatlalatse, le se pate letho, le bolele, le re: ‘Babilona e tla hapuwa, Bele wa modingwana a hlabiswe dihlong, Maraduke wa modingwana a tlale tshabo. Medimo ya bohata e tla hlabiswa dihlong, medingwana ya Babilona e tlale tshabo.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Tsebisang sena hara ditjhaba, le se tumise, le emise folaga; se tsebiseng, le se ke la se pata, le re: Babilona o hapilwe, Bele o hlabisitswe dihlong, Merodake o swabile; ditshwantsho tsa hae di hlabisitswe dihlong, medimo ya hae e robakilwe dikoto.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 50:2
34 Referencias Cruzadas  

Maleme a bona a a ba timetsa; bohle ba ba bonang ba sisinya dihlooho.


Bolelang tsa tlotla ya hae hara ditjhaba, le dimakatso tsa hae hara merabe yohle.


Bohle ba sebeletsang ditshwantsho ba ke ba hlajwe ke dihlong, bao ba ithorisang ka mafeela; medimo yohle e ke e itihele e itihele maotong a hae.


Mohla tsatsi leo, le tla re: “Lebohang Morena, le mo rapele, phatlalatsang mesebetsi ya hae hara ditjhaba, le bolele hore bitso la hae le leholo.


Phahamisang mokgele hodima thaba e phollatsi, ba howeletseng, le ba hwehle ka letsoho, e le hore ba kene kgorong tsa mahosana.


Bonang, ho tla bapalami ba dipere ka bobedi! Sebohodi sa boela sa bua, sa re: “Babilona e wele! Babilona e wele! Tshwantsho tsa medimo ya bohata, medimo e betlilweng, di bjaramane, di hasantswe fatshe!”


di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, ke kahoo e timeditsweng.


Ka yona nako eo, Merodake-Baladane, mora wa Baladane, kgosi ya Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Hesekiya, hobane o ne a ile a utlwela tsa ho kula ha hae le ho fola ha hae.


Bele o a ketoha, Nebo o kgatheng la ho wa, medingwana ya bona e bofilwe hodima dipelesa. Medingwana eo e bofilweng e boima, e imela dipelesa tse kgathetseng.


Tswang Babilona, le balehe Bakalatiya! Phatlalatsang tsena ka mehoo ya thabo, le di phatlalatse ho ya pheletsong tsa lefatshe, le re: “Morena o lopolotse Jakobo, mohlanka wa hae.”


“Tsena kaofela o di utlwile, wa di bona, na ha o na ho di dumela? Ho tloha jwale ke tla o bolella tse ntjha, ke o bolelle tse patehileng, tseo o sa di tsebeng.


Jwale o ba bolelle, o re: “Medimo e sa kang ya bopa lehodimo le lefatshe e tla fediswa, e ke ke ya hlola e eba teng lefatsheng.”


Ke mafeelafeelane, ke ntho tsa ho nyediswa, ha tsatsi la kahlolo ya yona le fihla e tla timela!


“Lona ditjhaba, utlwang lentswe la Morena, le le phatlalatse ho ya fihla mabopong a hole, le re: ‘Ya qhalantseng Baiseraele o tla boela a ba phutha, a ba alose sa modisa a alositse mohlape.’


“Tsena o di tsebise ditjhaba tsohle, o phatlalletse le Jerusalema: ‘Mara a thibellang a tswa naheng e hole, a futuhela metse ya Juda ka mehoo ya ntwa,


Phahamisang mokgele, le lebe Sione! Potlakelang teng, le se ka la dieha! Ke tlisa koduwa e hlaha leboya, koduwa eo e tla ba nanaola.”


“Bolelang tsena Egepeta, le di phatlalatse Migedole, le di phatlalatse le Nofa le Tahepanehese, le di bolele, le re: Emang le tiile, le itokisitse, hobane sabole e tla bolaya ba le potapotileng.


Fatshe le tla reketla ha ho utlwahala, ho utlwahala hore Babilona e se e hapilwe: Sello sa yona se tla utlwahala hara baditjhaba.


Phahamisang mokgele hodima marako a Babilona! Matlafatsang balebedi ba motse! Beang dibohodi, le bee le balalli, hobane Morena o tla phetha morero wa hae, morero oo a soketseng baahi ba Babilona ka wona.


“Phahamisang mokgele le hara naha! Letsang lenaka hara ditjhaba! Hlophisang ditjhaba di futuhele Babilona, le meme mebuso ena e e futuhele: Ararate le Mini le Ashekenase. Kgethang molaodi ya tla e futuhela, le romele dipere tse kang boiyane ba ditsie.


Baromuwa ba rongwa ba sa tswa rongwa, maqosa le wona a salana morao, ho isetsa kgosi ya Babilona ditaba: Motse wohle wa yona o so hapilwe!


Ke tla otla Bele, modingwana wa Babilona, tseo a di metsitseng ke mo hlatsise tsona. Tjhaba ha di sa tla hlola di mathela ho yena, marako a Babilona a tla heleha.


Ka baka leo, nako e tla fihla, nako ya hore ke otle medingwana ya Babilona; naha yohle ya Babilona e tla ripitlwa, babolauwa ba yona ba rapalle kahohle ho yona.


“Ka baka leo, bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla otla medingwana ya bona, hara naha yohle mahlatsipa a tla dumaela.


Babilona e wele hanghang ya bjaramana! Llelang Babilona ke hona! E feng setlolo sa ho thoba maqeba a yona haeba le re ho etsa jwalo ho tla e phekola.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mehlano, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, selemong sa mashome a mararo a metso e supileng, sa ho kenngwa tjhankaneng ha Jehoyakine, kgosi ya Juda, Efile-Merodake, kgosi ya Babilona, a qala ho busa. A hauhela Jehoyakine, kgosi ya Juda, a mo lokolla tjhankaneng.


“Ka baka leo, mamelang lona ditjhaba! Lona kaofela bonang se tla hlahela tjhaba sa ka!


Morena a neelana ka Jehoyakime, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare; a ba a neelana le ka thepa e nngwe ya Tempele ya Modimo. Thepa eo Nebukadenesare o ile a e isa naheng ya Babilona, a e bea ka tempeleng ya modimo wa hae, ka tlung ya polokelo ya matlotlo a modimo wa hae.


Nebukadenesare a ba botsa, a re: “Na ke nnete hore lona Shaderaka le Meshake le Abedenego ha le sebeletse medimo ya ka, leha e le ho kgumamela setshwantsho sa kgauta seo ke se emisitseng?


Ho bona Morena o tla tshabeha, a fedise medingwana yohle ya lefatshe. Tjhaba tsohle tse mabopong di tla mo kgumamela, motho ka mong a mo kgumamele a le ha habo.”


La howa ka lentswe le matla, la re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo! E fetohile leaho la bademona, setshabelo sa meya yohle e ditshila, le sa dinonyana tsohle tse ditshila, tse hloyehang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos