Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 50:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Tsebisang sena hara ditjhaba, le se tumise, le emise folaga; se tsebiseng, le se ke la se pata, le re: Babilona o hapilwe, Bele o hlabisitswe dihlong, Merodake o swabile; ditshwantsho tsa hae di hlabisitswe dihlong, medimo ya hae e robakilwe dikoto.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Bolelang le phatlalatse hara ditjhaba, phahamisang mokgele, le phatlalatse, le se pate letho, le bolele, le re: ‘Babilona e tla hapuwa, Bele wa modingwana a hlabiswe dihlong, Maraduke wa modingwana a tlale tshabo. Medimo ya bohata e tla hlabiswa dihlong, medingwana ya Babilona e tlale tshabo.’

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 50:2
34 Referencias Cruzadas  

Batho bohle ba tla tshwarwa ke tshabo, ba bolele mosebetsi wa Modimo, ba lemohe diketso tsa wona.


Le bolele kganya ya hae hara ditjhaba, le mehlolo ya hae hara mefuta yohle!


Ba hlabilwe ke dihlong, bona kaofela ba sebeletsang ditshwantsho, ba ithorisang ka medimo ya leshano; medimo kaofela e tla kgumama pela hae.


ka letsatsi leo le tla re: Rorisang Jehova, rapelang lebitso la hae, le tsebise ditjhaba diketso tsa hae; tumisang, le re: Lebitso la hae ke le phahamileng.


Emisang folaga thabeng e se nang meru, le howeletse ho bona ka lentswe le phahameng, le ba hwehle ka letsoho, ba kene ka menyako ya marena.


Bonang, ho hlahile dipere le bakalli ba tsona ba tsamayang ka bobedi. Sa eketsa sa re: O wele, Babilona o wele; ditshwantsho tsohle tsa medimo ya hae di bolaetswe fatshe.


a akgetse medimo ya tsona mollong, hobane e ne e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.


Mehleng eo, Merodake-Baladane, mora Baladane, morena wa Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Esekiase, hobane a ne a utlwile hore o ne a kile a kula, a ba a fola.


Bele o rapaladitswe, Nebo o dihilwe; ditshwantsho tsa bona di belesitswe ka dipelesa le ka diphoofolo, ditshwantsho tseo le neng le di jara di imela dipelesa tse kgathetseng ka boima ba tsona.


Tlohang Babilona, le balehe naheng ya Bakalde! Le bolele hoo ka lentswe la nyakallo, le ho tumise, le ho tsebise ho isa pheletsong ya lefatshe, le re: Jehova o lopolotse mohlanka wa hae Jakobo!


O di utlwile; o di bone kaofela hle; na le ke ke la dumela hoba ho jwalo na? Jwale, ke o tsebisa ditaba tse ntjha, tse neng di patilwe, tseo o neng o sa di tsebe.


Le tla ba bolella jwalo, le re: Medimo e sa kang ya etsa mahodimo le lefatshe, yona e tla tloswa lefatsheng le katlasa lehodimo.


Ntho tseo ke bosawana, ke mesebetsi e somehang; mohla di kgalemelwang, di tla fela.


Utlwang lentswe la Jehova, lona ditjhaba, le tsebise dihlekehleke tse hole, le re: Ya hasantseng Iseraele o a mmokella; o tla mo disa jwalokaha modisa a disa mohlape wa hae.


Bolellang ditjhaba, le tsebise Jerusalema, le re: Ba tlang ho mo patela ka ntwa ba tswa lefatsheng le hole, mme ka mehoo ba lwantsha metse ya Juda.


Emisetsang folaga nqa Sione; batlang setshabelo, le se ke la ema, hobane ke lata tsietsi le kotsi e kgolo nqeng ya leboya.


Tsebisang Egepeta, le bolelle Migdole; le bolelle Nofe le Takpanese, le re: Ema, o itokise, hobane lerumo le se le eja ka mathokong a hao.


Ka mohoo oo o reng: Babilona o hapilwe, lefatshe le a sisinyeha, lentswe la pokollo le utlwahala ditjhabeng.


Emisetsang marako a Babilona folaga, tiisang balebedi, beang dibohodi, le lokise dihlwela, hobane Jehova le yena o a rera, le hona o tla etsa seo a se boletseng bakeng sa baahi ba Babilona.


Emisang folaga lefatsheng, le letse terompeta ditjhabeng, le mo tsosetse ditjhaba, le mo memele mebuso ya Ararate, ya Minni, le ya Ashkenase, le bee balaodi ba makgotla ho mo lwantsha; atametsang dipere, di ke di nyolohe jwaloka ditsie tse mohlahla.


Barongwa le manqosa ba teana le barongwa ba bang le manqosa a mang, ho ya tsebisa morena wa Babilona hobane motse wa hae o kenwe ka nqa tsohle;


Ke tla kgalemela Bele Babilona, molomong wa hae ke ntshe seo a se metsitseng: ditjhaba ha di sa tla bokana teng, le hona marako a Babilona a tla heleha.


Ka baka leo, bonang, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla otla medimo e betlilweng ya Babilona; lefatshe la hae kaofela le tla hlabiswa dihlong, baahi bohle ba hae ba we ho yena ba hlabilwe.


Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla otla medimo e betlilweng ya hae, mme lefatsheng lohle la hae ba hlabilweng ba tla fehelwa.


Babilona o wele hang, o robehile. Bokollang bakeng sa hae, le kukele bohloko ba hae sehlare; ekaba o tla fola.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa kgoleho ya Jojakine, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, ka la mashome a mabedi a metso e mehlano la kgwedi, Evile-Merodake, morena wa Babilona, selemong seo a qadileng ho busa ka sona, a emisa hlooho ya Jojakine, morena wa Juda, a mo ntsha teronkong.


Ka baka leo, utlwang, lona ditjhaba, mme wena phutheho ya ditjhaba, o tsebe se tla ba hlahela.


Morena a neela Jojakime, morena wa Juda, le mesebetsi e meng ya ntlo ya Modimo matsohong a hae; Nebukadnesare a e isa naheng ya Shineare ka tlung ya modimo wa hae, a kenya mesebetsi eo polokelong ya letlotlo la modimo wa hae.


Nebukadnesare a bua, a re ho bona: Lona Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, hleka le entse ka boomo na, ha le sa sebeletse medimo ya ka, le sa kgumamele setshwantsho sa kgauta seo ke se emisitseng na?


Jehova o tla tshabeha hodima bona, hobane o tla fedisa medimo yohle ya lefatshe, ba tle ho mo kgumamela, e mong le e mong ka ho tloha nqalong ya hae, e leng dihlekehlekeng tsohle tsa ditjhaba.


La howa ka lentswe le phahameng, le phepa, la re: O wele, o wele, Babilona e moholo! o fetohile moaho wa batemona, letsaba la meya yohle e ditshila, le letsaba la dinonyana tsohle tse sa hlwekang, tse ilwang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos