Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -


Mikea 1 - BIBELE

1 Mehleng ya puso ya Jotame, le Akase, le Hesekiya, dikgosi tsa Juda, lentswe la Morena la fihla ho Mmikiya wa Moreshete. Morena a mmontsha ka pono tse tla hlahela Samaria le Jerusalema.


Kahlolo ya Samaria le Jerusalema

2 Lona ditjhaba tsohle, mamelang! Wena lefatshe, sekeha tsebe! Le tsohle tse ho wena di sekehe tsebe! Morena Modimo o tla le qosa a le ka Tempeleng ya hae, Tempele e halalelang.

3 Bonang! Morena o tswa ka leahong la hae; o tla theoha, a hate tlhorong tsa dithaba.

4 Dithaba di tla qhibidiha tlasa maoto a hae, fatshe le peperane, ho hlahe dikgohlo; dithaba di qhibidihe sa tshotso e utlwa mollo, di phorosele sa metsi a theoha mothipoloheng.

5 Tsena tsohle di bakilwe ke dibe tsa Jakobo, di bakilwe ke dibe tsa ntlo ya Iseraele. Dibe tsa Jakobo di bakilwe ke mang? Di bakilwe ke baahi ba Samaria. Ho kgumamela medingwana ho bakilwe ke mang Judea? ho bakilwe ke baahi ba Jerusalema.

6 “Ka baka leo, Samaria ke tla e fetola lesupi, dirapa tsa morara di lengwe teng; majwe a yona ke tla a akgela ka kgohlong, metheo ya yona e sale poyaneng.

7 Medingwana yohle ya Samaria e tla pshatlwa, dimpho tsohle tse lefshwang diotswa di tjheswe. Medimo yohle ya bohata ke tla e timetsa, hobane e bokeletswe e le moputso wa bootswa, mme e tla nne e be moputso, moputso wa bootswa.”

8 Yaba Mmikiya o re: “Kahoo ke tla lla, ke bokolle, ke tsamaye ke hlobotse, maotong ke sa rwala; ke tla ngaya sa phokojwe ha e ngaya, ke purume sa mpshe ha e puruma.

9 Qeba la Samaria le a petla, ha le na pheko, le petlile la ya tshwaetsa le Juda, la ya fihla le kgorong ya tjhaba sa ka, la ba la ya fihla le Jerusalema.”


Sera se atamela Jerusalema

10 Le se ke la e bolela Gate, le ho bokolla le se ke la bokolla; baahi ba Bete-Leafera le ipitike leroleng.

11 Lona baahi ba Shafire fetang ka tsela, le fete le le feela, le le dihlong. Baahi ba Saanane ba hana ho tswa motseng. Ha le utlwa ba Bete-Esele ba lla, le tle le tsebe hore ha le sa sireleditswe.

12 Baahi ba Marote ba lebeletse ho lopollwa, hoba Morena o ba dihetse koduwa, a e diha, ya ya fihla le kgorong ya Jerusalema.

13 Lona baahi ba Lakishe panang dipere, le pane dipere kariking tsa ntwa; ke lona ba baketseng Moradi wa Sione sebe, tshito tsa Iseraele di fumanwe ho lona.

14 Kahoo le tla phahla, le phahlele Moreshete-Gate, motse wa Akasibe e tla ba thetso, e be thetso ho dikgosi tsa Iseraele.

15 Lona baahi ba Maresha ke tla le neella ka seqhobane, eo e leng tlotla ya Iseraele o tla tla, o tla tla lehaheng la Adulame.

16 Beolang dihlooho, le di etse lekorana, le llele bana bao le ba ratang; le phumohe mafatla, le tshwane le tlake, hoba bana ba tla le siya, ba ye bothopuweng.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Síguenos en:



Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos