Mikea 1:16 - BIBELE16 Beolang dihlooho, le di etse lekorana, le llele bana bao le ba ratang; le phumohe mafatla, le tshwane le tlake, hoba bana ba tla le siya, ba ye bothopuweng. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)16 Wena Sione, kuta moriri wa hao, o ipeole hlooho bakeng sa bara ba hao ba ratehang! Hodisa bofatla ba hao, bo be jwaloka ba letlaka, hobane ba ya kgolehong, hole le wena. Ver Capítulo |
Tsoha, o howeletse hara bosiu, o howeletse ha balebedi ba qala ho santela; tse ka pelong ya hao o di tsholle jwaloka metsi, o di tshollele kapele ho Morena. Phahamisa matsoho a hao, o a phahamisetse ho Morena, o a phahamise ka baka la bana ba hao, bana ba hao ba bolawang ke tlala, e ba bolaya hara diterata tsohle.
Mekete ya lona e kgethehileng ke tla e fetola, ke e fetole, ke e etse ya bofifi, le dipina tsa lona tsohle e be kodi-ya-malla. Bohle ke tla ba apesa, ke ba apese tse mahwashe, ke ba kute, ke ba beole lekorana. Nako eo e tla ka ya ho lla, ho llela mora ya inotshi, qetello ya yona e ke tsatsi la mahlomola.