Mikea 2:1 - BIBELE1 Ho madimabe ba rerang bolotsana, ba nahanang bokgopo ba le diphateng tsa bona! Ha bosiu bo esa ba a bo phethathatsa, hobane ba na le matla a ho etsa jwalo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 Ho madimabe ba nahanang bolotsana, ba rerang bobe diphateng tsa bona! Ba bo etsa leseding la meso, hobane matsoho a bona ho bona ke modimo. Ver Capítulo |
Yaba Hamane o re ho kgosi Ahashuerushe: “Dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao, ho na le setjhaba se itseng, se hasahasaneng hara ditjhaba tsohle tse mmusong wa hao. Melao ya setjhaba seo e fapane le ya ditjhaba tsohle tse ding, mme setjhaba seo ha se boloke melao ya kgosi. Ka baka lena, kgosi e ke ke ya fumana molemo wa letho ka ho tlohela setjhaba seo.
Bo-Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle yohle ya hae, ba re ho yena: “A re hlomeng sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme hosasane o bue le kgosi hore Moredekai a fanyehwe ho sona, ebe jwale o ya moketeng le kgosi, ho ya ithabisa.” Taba ena ya kgahla Hamane, a ba a re ho hlongwe sefate seo ho fanyehwang batho ho sona.
Yaba ba re: “Tloong, re loheleng Jeremia mano, hobane baprista ba tla nne ba be teng, ba re rute Molao; ba bohlale ba tla nne ba be teng, ba re eletse; le baporofeta ba tla nne ba be teng ho re bolella molaetsa. Tloong ke hona, re iqapeleng tseo re ka mo qosang ka tsona, re se ke ra natsa dipolelo tsa hae.”