Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 11:8 - BIBELE

8 O tla kgutlela Egepeta a hapile medimo ya bona ya bohata le medingwana ya bona, le thepa ya bona ya silefera le ya kgauta, e etseditsweng medingwana eo. O tla qeta dilemo tse ngata a sa futuhele kgosi ya Siria.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 O tla ikgapela medimo ya bona, le ditshwantsho tsa bona tse tsholotsweng, le mesebetsi e hlokwang ya bona ya kgauta le ya silefera, a ye le tsona Egepeta, ho ntoo feta dilemo tseo a ke keng a kgathatsa morena wa Leboya ka tsona.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:8
17 Referencias Cruzadas  

Jwale ha o tsamaile, hobane o ne o se o hlolohetswe lelapa leno, medimo ya ka yona o e utsweditseng?”


Ha Bafilesita ba baleha ba siya medimo ya bona hona moo, Davida le banna ba hae ba e nka.


“ ‘Ka bona bosiu boo ke tla tsamaya naheng yohle ya Egepeta, ke bolaye matsibolo wohle a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla ahlola medimo yohle ya Egepeta. Ke nna Morena.


le dikepe tsohle tsa Tarashishe, le mesebetsi yohle e kgahlang mahlo.


di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, ke kahoo e timeditsweng.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Bonang, ke tla otla Amone, e leng modimo wa Tebese, le Faro, le Egepeta le medimo ya yona, le dikgosi tsa yona, le bohle ba tshepileng Faro.


Ka itima dijo tse monate, ka ila nama, ka se ke ka nwa veine, ka se ke ka itlotsa ka ole ka dibeke tseo tse tharo.


Kgosi ya Siria e tla futuhela kgosi ya Egepeta, empa e tla etsa sealo, e kgutlele naheng ya yona.


Leha a ka atleha hara bana babo, moya o hlahang botjhabela o tla tsoha, moya o tswang ho Morena o tsohe lehwatateng; mohlodi wa Efraime o tla nyamela, sediba sa hae se kopotsang ebe se a psha. Matlo a polokelo ya hae a tla lobelwa, matlotlo wohle a bohlokwa a haptjwe.


Namane ena e ne e etswe naheng ya Iseraele, e entswe ke lelala, empa yona hase Modimo. Namane ya Samaria e tla thuakanngwa!


Baegepeta ba ne ba ntse ba epela matsibolo a bona, ao Morena a neng a a bolaile. Morena a ba a otla le medimo ya bona.


Le heletse dialetare tsa tsona, le thue difika tsa tsona tseo di di kgumamelang. Le tjhese le ditshwantsho tsa tsona tsa Ashera. Ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya tsona le di rathake, le fedise mabitso a tsona dibakeng tseo.


Mmika a re ho bona: “Le nkile modimo wa ka, oo ke iketseditseng wona, le moprista le mo nkile, yaba le a tsamaya. Ke sa na le eng? Jwale le re na ke batlang?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos