Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 11:7 - BIBELE

7 “Kamora moo, e mong wa leloko la mosadi eo e tla ba kgosi. O tla futuhela mabotho a kgosi ya Siria, a hape qhobosheane ya wona, mme a a hlole.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Empa lehlomela la metso ya hae le tla hlaha tulong tsa hae; o tla tla ntweng, a kene diqhobosheaneng tsa morena wa Leboya, a etse ka tsona kamoo a ratang kateng, mme o tla hlola.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:7
14 Referencias Cruzadas  

“Esita le sefate se na le tshepo: Ha se ka rengwa se tla hlomela hape, makala a sona a ke ke a ba a fela.


Ditshiu tsa hae di ke di kgutsufale, e mong a ke a nke mosebetsi wa hae.


Rolela morwalo wa hao ho Morena, mme o tla o jarisa; a ke ke a tlohella ya lokileng hore a sisinngwe le ka mohla.


Lehlomela le tla hloma, le hlome kutung ya Jese, kala le tswang mothapong wa hae le behe ditholwana.


Ka tsatsi le le leng Morena o tla kgaola, a kgaole hlooho ya Iseraele le mohatla wa yona, a kgaole lekala, a kgaole le lehlaka.


O ba hlomile, metso ya bona e tebile; ba a mela, ba beha ditholwana. Ba bua ka wena ka molomo feela, empa pelo tsa bona tsona di hole le wena!


O nyedisitse kano ka ho senya selekane seo a neng a se hlapanyeditse, a etsa dintho tsena tsohle; kahoo a ke ke a phonyoha.


“Ha mehla ya bofelo e fihla, kgosi ya Egepeta e tla futuhela kgosi ya Siria, empa kgosi eo ya Siria le yona e tla kgahlanyetsa kgosi ya Egepeta jwaloka setsokotsane, ka dikariki tsa ntwa, le ka bapalami ba dipere, le ka dikepe tse ngata. E tla futuhela dinaha tse ngata, e di hohole jwaloka sekgohola.


Ha ho fetile dilemo tse itseng, kgosi ya Egepeta e tla etsa selekane le kgosi ya Siria, e e nyadise moradi wa yona. Empa selekane seo se ke ke sa tiya, mme moradi eo, le mafielo a hae, le ngwana wa hae, le monna wa hae, batho bana bohle ba tla bolawa.


Morena wa mabotho o re: “Ruri letsatsi leo le a tla; le tla tjhesa jwaloka sebopi sa mollo. Bohle ba ikakasang le ba etsang bokgopo ba tla ba jwaloka mmoko. Letsatsi leo le tlang le tla ba tjhesa ka mollo. Ha le ka ke la ba siela motso kapa lekala.


“Empa Modimo a re ho yena: ‘Lewatla towe, ka bosiu bona o tla amohuwa bophelo ba hao; jwale tseo o di lokisitseng e tla ba tsa mang?’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos