Daniele 11:6 - BIBELE6 Ha ho fetile dilemo tse itseng, kgosi ya Egepeta e tla etsa selekane le kgosi ya Siria, e e nyadise moradi wa yona. Empa selekane seo se ke ke sa tiya, mme moradi eo, le mafielo a hae, le ngwana wa hae, le monna wa hae, batho bana bohle ba tla bolawa. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)6 Kamora dilemo tse ding, ba tla etsa selekane, mme moradi wa morena wa Borwa o tla kena tlung ya morena wa Leboya ho lokisa ditaba. Empa matsoho a hae a ke ke a tiya; o tla sitwa ho tiya, leha e le yena, leha e le matsoho a hae, empa o tla neelwa lefu, yena le ba mo tlisitseng, le ya mo tswetseng le ya mo tsheheditseng, mehleng eo. Ver Capítulo |
“Ha mehla ya bofelo e fihla, kgosi ya Egepeta e tla futuhela kgosi ya Siria, empa kgosi eo ya Siria le yona e tla kgahlanyetsa kgosi ya Egepeta jwaloka setsokotsane, ka dikariki tsa ntwa, le ka bapalami ba dipere, le ka dikepe tse ngata. E tla futuhela dinaha tse ngata, e di hohole jwaloka sekgohola.