Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 11:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Kamora dilemo tse ding, ba tla etsa selekane, mme moradi wa morena wa Borwa o tla kena tlung ya morena wa Leboya ho lokisa ditaba. Empa matsoho a hae a ke ke a tiya; o tla sitwa ho tiya, leha e le yena, leha e le matsoho a hae, empa o tla neelwa lefu, yena le ba mo tlisitseng, le ya mo tswetseng le ya mo tsheheditseng, mehleng eo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ha ho fetile dilemo tse itseng, kgosi ya Egepeta e tla etsa selekane le kgosi ya Siria, e e nyadise moradi wa yona. Empa selekane seo se ke ke sa tiya, mme moradi eo, le mafielo a hae, le ngwana wa hae, le monna wa hae, batho bana bohle ba tla bolawa.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:6
9 Referencias Cruzadas  

Teng, lesedi la ba bolotsana le tloswa ho bona, mme letsoho le otlolohileng le a robeha.


Katleho e ka tseleng ya hae kamehla; o sitwa ho bona dikahlolo tsa hao; o tsheha hodima dira tsohle tsa hae.


Mora motho, ke robile letsoho la Faro, morena wa Egepeta, mme bona, ha le a ka la tlamellwa ka dihlare leha e le ka lesela, hore le tle le natlafalle ho tshwara lerumo.


Hobane morena wa Leboya o tla boela a bokelle makgotla a mangata, a fetisang a pele, mme ha ho fetile dilemo tse ding, o tla tla, a fihle ka makgotla a maholo le ka phahlo e ngata.


Mme morena wa Leboya o tla tla, a hahe marako a phahamileng, a ikgapele motse o qhobosheane, mme makgotla a Borwa a ke ke a ema, le mokgetho wa wona o ke ke wa eba le matla a ho tiya.


Mehleng ya qetello, morena wa Borwa o tla thulana le yena, mme morena wa Leboya o tla boela a futuhe ho ya mo patela, ka mokoloi, le ka ba kaletsang dipere, le ka dikepe tse ngata; o tla tswela dinaheng, a rwallele, a hohoretse.


Empa lehlomela la metso ya hae le tla hlaha tulong tsa hae; o tla tla ntweng, a kene diqhobosheaneng tsa morena wa Leboya, a etse ka tsona kamoo a ratang kateng, mme o tla hlola.


Hobane ke ya tsosa lefatsheng ya sa tlong ho hlokomela dinku tse timelang; a ke ke a batla e lahlehileng; e robehileng a ke ke a e oka; le e tsamayang a ke ke a e fepa; empa o tla ja nama ya tse nonneng, a be a petsole le ditlhako tsa tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos