Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 11:5 - BIBELE

5 “Kgosi ya Egepeta e tla ba matla, empa e mong wa balaodi ba yona o tla ba matla ho e feta, a be a okamele mmuso o fetang wa kgosi eo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Morena wa Borwa o tla ipha matla, mme e mong wa mahosana a hae o tla mo fetisa ka matla; o tla busa, mme mmuso wa hae e tla ba mmuso o matla haholo.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:5
7 Referencias Cruzadas  

“Kgosi ya Egepeta e tla tlokoma ke kgalefo, e futuhele kgosi ya Siria. Kgosi eo ya Siria e tla kgobokanya mabotho a mangata, empa a tla hlolwa.


“Ka nako eo, setjhaba se sengata se tla fetohela kgosi ya Egepeta. Le kahara setjhaba sa heno, wena Daniele, ho tla hlaha banna ba kgantshang dikgoka, ba e fetohele, e le hore pono ena e tle e phethahale; feela ba tla hlolwa.


“O tla ba sebete ho kgobokanya mabotho a mangata, a futuhele kgosi ya Egepeta. Kgosi eo ya Egepeta e tla itwanela ka lebotho le leholo, le matla, empa e ke ke ya atleha, hobane e tla etsetswa bolotsana.


“Ha mehla ya bofelo e fihla, kgosi ya Egepeta e tla futuhela kgosi ya Siria, empa kgosi eo ya Siria le yona e tla kgahlanyetsa kgosi ya Egepeta jwaloka setsokotsane, ka dikariki tsa ntwa, le ka bapalami ba dipere, le ka dikepe tse ngata. E tla futuhela dinaha tse ngata, e di hohole jwaloka sekgohola.


Kariki e hulwang ke dipere tse ntsho e leba nqa leboya; e hulwang ke tse tshweu e leba nqa bophirimela; athe e hulwang ke tse kwebu yona e leba nqa borwa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos