Sofonia 2:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke utlwile nyefolo ya Moabe le mahlapa a bana ba Ammone ba nyefotseng setjhaba sa ka, ba hlompholotseng moedi wa sona. BIBELE “Mahlapa a Bamoabe ke a utlwile, nyefolo tsa Baamone le tsona ka di utlwa, ka utlwa ha ba hlapaola tjhaba sa ka, ba ithorisetsa ho kena meeding ya sona. |
E monyenyane le yena a tswala mora, a mo rea lebitso la Ben-Ammi; ke yena ntata bana ba Ammone le kajeno.
Re utlwile boikgantsho ba Moabe ya ikgantshang ka ho fetisa, le boikgohomoso ba hae, le boithoriso ba hae, le bohale ba hae, le mashano a hae.
Ho itswe ke Jehova bakeng sa ba bapileng le nna kaofela, ba babe ba hapileng lefa la ka, leo ke neng ke le abetse setjhaba sa ka sa Iseraele: Bonang, ke ya ba epolla lefatsheng la bona, le ntlo ya Juda ke tla be ke e epolle hara bona.
Bakeng sa Moabe, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ho madimabe Nebo, hobane o sentswe; Kiryathaime o hapilwe, o hlabisitswe dihlong, Misgabe o hlabisitswe dihlong, o swabile.
Bakeng sa bana ba Ammone, ho itswe ke Jehova: Na Iseraele ha a na bana, na ha a na mojalefa na? Malkome o jelang lefa la Gade, setjhaba sa hae se ahile jwang metseng ya hae?
Wena mora motho, porofeta, o re: Morena Jehova o bolela bakeng sa bana ba Ammone le bakeng sa dinyefolo tsa bona. Ere: Lerumo, lerumo le pshemotswe, le bentsheditswe ho bolaya, le ho qeta, le ho hadima.
o tle o tsebe hoba nna, Jehova, ke utlwile dinyefolo tsohle tsa hao tseo o nyefotseng dithaba tsa Iseraele ka tsona, ha o itse: Di fetohile lefeella; di neilwe rona, hore e be dijo tsa rona.
Morena Jehova o re: Erekaha sera se le boletse ka ho re: Haiaha! diphahama tseno tse sa feleng ke leruo la rona.
Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya bana ba Ammone — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba petsotse baimana ba Gileade, ba tle ba hodise naha ya bona:
Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Moabe — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba tjhesitse masapo a morena wa Edomo, ba a etsa molora;
Tseo di tla ba hlahela ka baka la boikgohomoso ba bona, hobane ba nyefotse, mme ba ikgohomositse hodima setjhaba sa Jehova wa makgotla.
Jwale, Jehova a re ho Joshua: Kajeno, ke phikolositse sekgobo sa Egepeta, ke se tlositse ho lona. Ka baka leo, nqalo eo e reilwe lebitso la Gilgale (phikoloso), le kajeno.