Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 49:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bakeng sa bana ba Ammone, ho itswe ke Jehova: Na Iseraele ha a na bana, na ha a na mojalefa na? Malkome o jelang lefa la Gade, setjhaba sa hae se ahile jwang metseng ya hae?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Malebana le Baamone Morena o bua tjena: “Na ebe Iseraele ha e na bara? Na ebe ha e na majalefa? Ho ya kang ha ba kgumamelang Milekome, e le bona ba jeleng lefa la Gade? Ho ya kang ha metseng ya Gade jwale ho se ho phela bona?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 49:1
32 Referencias Cruzadas  

E monyenyane le yena a tswala mora, a mo rea lebitso la Ben-Ammi; ke yena ntata bana ba Ammone le kajeno.


A hapa naha yohle ya Gileade, e nqa botjhabatsatsi ho Jordane, e leng naha ya Bagade, le Barubene, le Bamanasse, ho tswa Aroere e nokeng ya Arnone, ho isa Gileade le Bashane.


Le Jehova a romela ho mo lwantsha dihlopha tsa Bakalde, le dihlopha tsa Siria, le dihlopha tsa Moabe, le dihlopha tsa bana ba Ammone, di tle di timetse Juda, ka polelo eo Jehova a neng a e boletse ka bahlanka ba hae, baporofeta.


Kamora tseo, bana ba Moabe le bana ba Ammone ba ena le Bamaone ba bang, ba futuhela Josafate.


Bana ba Ammone le Bamoabe ba lwantsha ba ahileng thabeng ya Seire ho ba neela anathema le ho ba timetsa; mme eitse hobane ba qetele ho timetsa baahi ba Seire, ba tlatsana ho timetsana ba nnotshi.


Eitse ha Sanballate Mohorone, le Tobia mohlanka wa Moammone, le Gesheme Moarabe, ba utlwa taba tseo, ba soma ka rona, ba re nyedisa, ba re: Keng, hoo le ho etsang? Hleka le rata ho ikgantshetsa morena na?


Eitse ha Sanballate, le Tobia, le Baarabe, le Baammone, le Baashdode, ba utlwa hobane ho tsoswa ha marako a Jerusalema ho ntse ho tswela pele, le hobane dikgeo di se di batla di thibeha, ba halefa haholo,


Gebale, le Ammone, le Amaleke, le Bafilesta hammoho le baahi ba Tire;


Ditshenyo tsa dira tsa ka di fedile ka ho sa feleng. O sentse metse ya bona, lebitso la bona le fedile hammoho le bona.


Ho itswe ke Jehova bakeng sa ba bapileng le nna kaofela, ba babe ba hapileng lefa la ka, leo ke neng ke le abetse setjhaba sa ka sa Iseraele: Bonang, ke ya ba epolla lefatsheng la bona, le ntlo ya Juda ke tla be ke e epolle hara bona.


Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone;


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


o di romele ho morena wa Edomo, le ho morena wa Moabe, le ho morena wa bana ba Ammone, le ho morena wa Tire, le ho morena wa Sidone, ka manqosa a tlileng Jerusalema ho Tsedekia, morena wa Juda.


Bakeng sa Moabe, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ho madimabe Nebo, hobane o sentswe; Kiryathaime o hapilwe, o hlabisitswe dihlong, Misgabe o hlabisitswe dihlong, o swabile.


Bakeng sa Damaseka: Hamathe o hlabisitswe dihlong le Arpade; kahobane ba utlwile taba e mpe, ba fokola; tsietsi e teng lewatleng, mme le sitwa ho kgutsa.


Bakeng sa Kedare, le bakeng sa mebuso ya Hatsore, eo Nebukadresare, morena wa Babilona, a kileng a e hlola, ho itswe ke Jehova: Tlohang, le nyolohele Kedare, le senye bana ba Botjhabela.


Bakeng sa Edomo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Na ha ho sa le bohlale Themane? Na kelello e timetse ho baeletsi? Na bohlale ba bona bo fedile na?


Haele wena, kgosana ya Iseraele, wena molotsana o seng o tla hlajwa, eo letsatsi la hao le fihlang nakong ya bokgopo ba ho qetella,


Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:


le ba kgumamang hodima matlo pela lekgotla la lehodimo, le bakgumami ba anang ka Jehova, ba anang le ka morena wa bona;


Ho bara ba Gade, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.


mme o tla atamela pela bana ba Ammone. O se ke wa ba qala, mme o se ke wa ba lwantsha; hobane ha nka ke ka o nea letho naheng ya bana ba Ammone; hobane ke e neile bana ba Lota hore e be lefa la bona.


Moammone le Momoabe ba ke ke ba kena phuthehong ya Jehova; esita le ditlohotloholwana tsa bona tsa leloko la leshome di ke ke tsa kena phuthehong ya Jehova, le ka mohla o le mong;


kahobane ha ba ka ba tla le kgahlanyetsa tseleng ka bohobe le ka metsi, mohla le tswang Egepeta; le kahobane ba ne ba putse Balaame, mora Peore, wa Pethore naheng ya Mesopotamia, hore a o rohake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos