Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 16:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Re utlwile boikgantsho ba Moabe ya ikgantshang ka ho fetisa, le boikgohomoso ba hae, le boithoriso ba hae, le bohale ba hae, le mashano a hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Re utlwile hore Moabe o a ikgantsha, ho ikgantsha ha hae ke ho tlolang moedi, o a ikakasa, o a ikgantsha, o bohale, empa boithoriso ba hae ke ba lefeela.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 16:6
17 Referencias Cruzadas  

Mosomi ke lebitso la motho ya ikgohomosang, ya mabela, ya etsang tsohle a rwetse boikgomoso.


Boporofeta hodima Moabe: Are-Moabe o patetswe bosiu; o fedile;


Mahlo a ikgantshang a batho a tla kokobetswa, boikgohomoso jwa ba baholo bo nyenyefatswe; ka letsatsi leo ho tla hodiswa Jehova a nnotshi.


Hobane letsoho la Jehova le tla dula thabeng ena, empa Moabe o tla hatakelwa moo a leng teng, jwaloka setroi sa koro ha se hatakelwa lemeneng la moitedi.


O tla otlolla matsoho a hae teng, jwalokaha sehlapi se a otlolla ha se hlapa; empa Jehova o tla kokobetsa boikgantsho ba hae le mano a matsoho a hae.


Le itse: Re entse selekane le lefu, re na le kopano le nqalo ya bafu; leha kotlo e tlang jwaloka morwallo e ka tla kwano, e ke ke ya re etsa letho, hobane re entse leshano setshabelo sa rona, mme thetso ke tshirelo ya rona.


Selekane sa lona le lefu se tla etswa lefeela, kopano ya lona le nqalo ya bafu e ke ke ya tiya; kotlo e tlang jwaloka morwallo ha e fihla, ka yona le tla ba jwaloka hoja le hataketswe ka maoto.


ke fosisang dipontsho tsa baporofeta ba leshano, ke thotofatsang dinohe, ke suthisang ba bohlale kasanthao, ke fetolang bohlale ba bona bohlanya.


Le ka bolela jwang, la re: Re dinatla, re bahale ntweng?


Mo tahiseng, hobane o ikgantsheditse Jehova; Moabe a ke a phethohe mahlatseng a hae, le yena a tle a etswe sesomo.


Moabe o tla fediswa, e se hlole e eba setjhaba, hobane o ikgantsheditse Jehova.


Lerumo le hodima ba buang mashano, hore ba be jwaloka mawatla; lerumo le hodima bahale, hore ba tle ba swabe.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Moabe — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba tjhesitse masapo a morena wa Edomo, ba a etsa molora;


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos