Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 5:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jwale, Jehova a re ho Joshua: Kajeno, ke phikolositse sekgobo sa Egepeta, ke se tlositse ho lona. Ka baka leo, nqalo eo e reilwe lebitso la Gilgale (phikoloso), le kajeno.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Morena a re ho Joshua: “Kajeno ke tlositse sekgobo sa Egepeta ho lona.” Ka baka leo, sebaka seo se bitswa Gilegale ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 5:9
21 Referencias Cruzadas  

ba re ho bona: Re ka sitwa ho etsa taba ena, ra nea motho ya sa bollang kgaitsedi ya rona; e ka ba sekgobo ho rona.


Ha ho le jwalo, morena a kgutla, a ba a fihla Jordane; le Bajuda ba fihla Gilgale, ho tla kgahlanyetsa morena le ho mo tshedisa Jordane.


le Bethe-Gilgale, le naheng ya Geba le Asmavethe; hobane dibini di ne di ikgahetse metse ka nqa tsohle ho Jerusalema.


Suthisetsa sekgobo seo ke se tshabang hole le nna, hobane dikahlolo tsa hao di tletse molemo.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla kgalemela ba bollang kaofela le ba sa bolleng,


ba ya ba etsa bohlola Egepeta; botjheng ba bona ba etsa bohlola; teng, ha toboketswa matswele a bona, ha phollwa difuba tsa bona e sa le dikgarebe.


Ka ho etsa jwalo, ha a ka a hloboha le bohlola boo a neng a bo entse le Baegepeta, mohla ba neng ba robale le yena botjheng ba hae, ha ba ne ba pholla matswele a hae e sa le kgarebe, ba mo tshollela bootswa ba bona.


Ha ho feba wena, Iseraele, Juda yena a se ke a seba! Le se ke la ya Gilgale, le se ke la etela Bethe-Avene; le se ke la ana ka ho re: Ka Jehova ya utlwang!


Ntshetsa monyefodi kantle ho diahelo; bohle ba mo utlwileng ba bee matsoho a bona hloohong ya hae, mme a tlepetswe ke phutheho yohle.


Le se ke la batla Bethele, le se ke la ya Gilgale, le se ke la fetela Beerseba; hobane Gilgale o tla iswa kgolehong, Bethele a etswe lefeela.


Setjhaba sa ka, hopola hle seo Balake, morena wa Moabe, a neng a se rerile, le seo Balaame, mora Beore, a mo arabetseng sona, le tse hlahileng ho tloha Sittime ho ya fihla Gilgale, o tle o tsebe ketso tse lokileng tsa Jehova.


Ke utlwile nyefolo ya Moabe le mahlapa a bana ba Ammone ba nyefotseng setjhaba sa ka, ba hlompholotseng moedi wa sona.


Ha ho le jwalo, tshabang Jehova jwale, le mo sebeletse ka sebele le ka nnete; le lahle medimo eo bontata lona ba ileng ba e sebeletsa mose wane ho noka, le Egepeta, mme le sebeletse Jehova.


Ke oo mokgwa oo setjhaba se tswileng hara Jordane ka letsatsi la leshome la kgwedi ya pele, mme ba emisa Gilgale, ka nqa botjhabela ho Jeriko.


Eitse hobane ba qete ho bolotsa setjhaba sohle, ba hlola diahelong tsa bona, ho fihlela ba ba ba fola.


Jonathane a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re tshelele ho ya qhobosheaneng ya maqai ano; mohlomong Jehova a ka re thusa; hobane ha ho kamoo Jehova a ka sitwang kateng, ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae.


Davida a re ho banna bao a emeng le bona: Ho tla etsetswang monna ya ka bolayang Mofilesta eo, ya tlosang nyediso Iseraeleng na? Mofilesta eo wa leqai ke motho ya jwang, ha a nyedisa makgotla a Modimo o utlwang?


Tau le yona bere, mohlanka wa hao o di bolaile; mme Mofilesta eo wa leqai o se a ya ba jwaloka tsona, hobane o nyedisitse makgotla a Modimo o utlwang.


Ka selemo se seng le se seng, o ne a ya le metse ho isa Bethele, le Gilgale, le Mitspe, a ahlolela Baiseraele metseng eo kaofela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos