Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 1:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya bana ba Ammone — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba petsotse baimana ba Gileade, ba tle ba hodise naha ya bona:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Morena o bua tjena: “Baahi ba Amone ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba tabotse baimana ba Gileade, ba ba tabola dimpa, ba tle ba atolose meedi ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Amose 1:13
27 Referencias Cruzadas  

A ntsha le batho ba teng, a laela hore ba bolawe ka disaga le diege tsa tshepe le dilepe tsa tshepe, a ba fetisa le diboping, a etsa jwalo le ka metse yohle ya bana ba Ammone. Davida le setjhaba sohle ba ntoo boela Jerusalema.


Yaba Menaheme o tloha Thirtsa, a kena Thifsa, a bolaya bohle ba teng le ba mathoko wohle a teng; kahobane ba ne ba sa ka ba mmulela monyako, a ba bolaya ke hona; basadi bohle ba baimana a petsola dimpa tsa bona.


Le Jehova a romela ho mo lwantsha dihlopha tsa Bakalde, le dihlopha tsa Siria, le dihlopha tsa Moabe, le dihlopha tsa bana ba Ammone, di tle di timetse Juda, ka polelo eo Jehova a neng a e boletse ka bahlanka ba hae, baporofeta.


Hasaele a re: O llelang, monga ka? A re: Ke kahobane ke tseba tse mpe tseo o tla di etsetsa bana ba Iseraele; o tla tjhesa diqhobosheane tsa bona; bahlankana ba bona o tla ba harinya ka sabole, bana ba bona o ba batanye majweng, o petsole le basadi ba bona bao e leng baimana.


Kamora tseo, bana ba Moabe le bana ba Ammone ba ena le Bamaone ba bang, ba futuhela Josafate.


Bona jwale, bana ba Ammone le Bamoabe le ba thaba ya Seire, e leng bao a sa kang wa dumella Baiseraele ho kena ha bona, mohla ba tswang lefatsheng la Egepeta, ba mpa ba ba fapoha, mme ba se ke ba ba timetsa,


Eitse ha Sanballate Mohorone, le Tobia mohlanka wa Moammone, le Gesheme Moarabe, ba utlwa taba tseo, ba soma ka rona, ba re nyedisa, ba re: Keng, hoo le ho etsang? Hleka le rata ho ikgantshetsa morena na?


Gebale, le Ammone, le Amaleke, le Bafilesta hammoho le baahi ba Tire;


Ho madimabe ba rokahanyang ntlo le ntlo, ba eketsang tshimo ka tshimo, ho fihlela baka se fela, e tle e be lona le nnotshi benghadi ba naha!


Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone;


Wena mora motho, porofeta, o re: Morena Jehova o bolela bakeng sa bana ba Ammone le bakeng sa dinyefolo tsa bona. Ere: Lerumo, lerumo le pshemotswe, le bentsheditswe ho bolaya, le ho qeta, le ho hadima.


Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:


Erekaha o boletse, wa re: Ditjhaba tseo tse pedi le dinaha tseo tse pedi e tla ba tsa ka, mme re tla di rua, athe Jehova o ntse a le teng;


Samaria o tla kgalemelwa, hobane o ikgantshitse ho Modimo wa hae. Ba tla bolawa ke lerumo, masea a bona a pshatlwe, basadi ba bona ba emereng ba petsolwe.


Iseraele, kgutlela ho Jehova, Modimo wa hao, hobane o wele ka baka la bokgopo ba hao.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Damaseka — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba hatisitse Gileade ka dilei tsa tshepe,


mme o tla atamela pela bana ba Ammone. O se ke wa ba qala, mme o se ke wa ba lwantsha; hobane ha nka ke ka o nea letho naheng ya bana ba Ammone; hobane ke e neile bana ba Lota hore e be lefa la bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos