Lerumo la Jehova le tletse madi, le kganathetse mafura le madi a dikonyana, le a diphooko, le mafura a difutsi tsa dipheleu; hobane Jehova o na le sehlabelo Botsra, le hlabo e kgolo naheng ya Edomo.
Ke mang eo ya tlohang Edomo, ya tswang Botsra, ka diaparo tse takilweng ka bofubedu, ya kganyang ka kobo ya hae, ya tsamayang ka boholo ba matla a hae? Ke nna ke bolelang ho loka, ke nang le matla wohle a ho boloka.
Hobane ke ana ka nna, ho bolela Jehova, hore Botsra o tla etswa makatso, le nyediso, le tshenyeho, le thohako; le metse kaofela ya teng e tla ba mafeella ka ho sa feleng.
Ka baka leo, utlwang morero wa Jehova oo a o reretseng Edomo, le kgopolo ya hae eo a e hopoletseng baahi ba Themane. Ruri, ba sa tla be ba ba hulanye jwaloka dikonyana tse nyenyane! Ruri, leaho la bona le tla senngwa hammoho le bona.
Bonang, o nyoloha jwaloka ntsu, o a fofa, o sarolla mapheo a hae ka nqa Botsra; mme ka tsatsi leo pelo tsa bahale ba Edomo di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.
ka baka leo, Morena Jehova o re: Ke tla otlollela naha ya Edomo letsoho la ka, ke kgaole batho le dikgomo teng, ke be ke e etse nahathothe ho tloha Themane, mme ba tla dihuwa ke lerumo ho ya fihla Dedane.
Tshenolo ya Obadia. Morena Jehova o bolela tsena hodima Edomo, o re: Re utlwile taba e tswang ho Jehova, mme lenqosa le romilwe hara ditjhaba, le re: Tsohang! A re tsoheng ho mo futuhela!