Sabole ya Morena e kganathetse madi, mafura e a jele sa mpana-phatloha; e kganathetse madi a dikonyana le a dipodi, e kganathetse mafura a diphiyo tsa dipheleu. Morena o tla etsa sehlabelo, a se etse a le Bosera, Baedomo a ba bolaye, a ba etse mofela.
Eo ya tswang Edomo ekaba ke mang, ya tswang Bosera aparo tsa hae di le kgubedu? Eo ya apereng tse ntlentle ekaba ke mang, ya hwantang ka bonatla bo boholo ba hae? “Ke nna ya buang ka tsa ho loka, ke nna ya nang le matla, matla a ho pholosa!”
Ke ikanne,” ho rialo Morena, “Bosera e tla fetoha lesupi, e be sesomo, e nyedisehe, mme e rohakehe; metse yohle ya yona e tla fetoha masupi a kamehla yohle.”
Ka baka leo, utlwang diqeto tsa Morena, diqeto tseo a di etseditseng baahi ba Edomo, merero eo Morena a e rerileng, a e rerela baahi ba Temana: Batjha ba setjhaba ba tla hulanngwa, ka baka la bona naha ya bona e senngwe.
Ntsu e tla solla hodimo, e ubelle, e thathalatse mapheo a yona, e a thathalatse hodima Bosera. Pelo tsa bahlabani ba Edomo, ka tsatsi leo, di tla ka pelo ya mosadi, mosadi a kena tlung.
Morena Modimo o bua tjena: ‘Ke tla otlollela letsoho la ka hodima Edomo, ke bolaye baahi ba yona, le diphoofolo tsa bona, ke e fetole nanaola; ho tloha Temana ho ya fihla Dedane ke ba bolaye ka sabole.
Ena ke pono ya Obadiya. Morena Modimo o bua tjena ka Edomo: Re utlwile molaetsa o tswang ho Morena, leqosa le rometswe ho baditjhaba, le re: “Emang, re futuheleng Edomo!”