Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Edimo — teng nke ke ka fetoha — kahobane o phalletse ngwanabo ka lerumo, o pupeditse mohau wa hae, bohale ba hae bo sa phetse ho harola, mme o boloka kgalefo ya hae kamehla;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Morena o bua tjena: “Baahi ba Edomo ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba manakisitse bana babo bona, ba ba manakisa ka sabole, ba ba manakisa ba se na mohau, ba pheella kgalefong ya bona, bohale ba bona ba tuka malakabe, ba tuka sa malakabe a sa time.

Ver Capítulo Copiar




Amose 1:11
28 Referencias Cruzadas  

Bona jwale, bana ba Ammone le Bamoabe le ba thaba ya Seire, e leng bao a sa kang wa dumella Baiseraele ho kena ha bona, mohla ba tswang lefatsheng la Egepeta, ba mpa ba ba fapoha, mme ba se ke ba ba timetsa,


bona, ke bana ba tlile ho re putsa ka ho tla re leleka fatsheng la hao leo o re neileng lona, re tle re le rue.


Hobane Baedomo ba ne ba boetse ba tlile le bona, ba qhala Bajuda, ba ya le batshwaruwa ba bang.


Jehova, o elellwe bana ba Edomo, kamoo ba itseng letsatsing la Jerusalema kateng: Qhaqhollang, qhaqhollang ho isa metheong ya hae!


Na o ka re halefela kamehla, wa tiisa bohale ba hao kamehla le mehla na?


O se ke wa phaka wa halefa pelong ya hao, hobane kgalefo e ye e hanelle sefubeng sa mawatla.


Hobane nke ke ka tseka ka ho sa feleng, le ho halefa ka ho sa yeng kae, hobane pelo ya motho e ne e ka timela pela ka, le yona meya eo ke e entseng.


Iseraele o kgesa botle, sera se tla mo phallela.


Egepeta o tla fetoha nahathothe, Edomo e be sebataolo, kahobane ba tsohetse bana ba Juda matla, ba tsholotse madi a se nang molato naheng ya bona.


Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.


ke bile ke halefetse ka kgalefo e kgolo ditjhaba tse iketlileng; hobane ke ne ke halefetse setjhaba sa ka hakgutshwanyane, empa tsona tsa tlatsa ho se etsa hampe.


Ke le ratile, ho bolela Jehova; mme le re: O re ratile kang? — Ha ke re, Esau e ne e le ngwanabo Jakobo? ho bolela Jehova; jwale, ke ratile Jakobo, athe Esau yena ke mo hloile;


Leha Edomo a ka re: Re thumakantswe; empa re tla kgutla, re be re tsose masupi a senyehileng ... Jehova wa makgotla o re: Ba tla haha, empa nna ke tla heletsa, mme ba tla bitswa naha ya bokgopo, le setjhaba seo Jehova a se halefelang kamehla.


Le fele le be baetsisi ba Modimo, kaha le le bana ba ratwang;


O se ke wa hloya Moedomo, hobane ke ngwaneno; o se ke wa hloya Moegepeta, hobane o ne o le mojaki naheng ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos