Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 2:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Moabe — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba tjhesitse masapo a morena wa Edomo, ba a etsa molora;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Morena o hua tjena: “Baahi ha Moabe ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba tjhesitse masapo, masapo a kgosi ya Edomo, ba a tjhesa a ba a fetoha molora!

Ver Capítulo Copiar




Amose 2:1
22 Referencias Cruzadas  

Yaba morena wa Iseraele, le morena wa Juda, le morena wa Edomo a tloha, a potoloha ka ditshiu tse supileng; ha hlokahala metsi a makgotla le a dipelesa tse a latelang.


Mahlo a Jehova a dinqalong tsohle, a qamaka ba babe le ba batle.


Ba tla fofela nqa bophirimatsatsi ka mahetla a Bafilesta: hammoho ba tla patela bara ba botjhabela, ba tshware Edomo le Moabe, bana ba Ammone ba buswe ke bona.


Re utlwile boikgantsho ba Moabe ya ikgantshang ka ho fetisa, le boikgohomoso ba hae, le boithoriso ba hae, le bohale ba hae, le mashano a hae.


Hobane letsoho la Jehova le tla dula thabeng ena, empa Moabe o tla hatakelwa moo a leng teng, jwaloka setroi sa koro ha se hatakelwa lemeneng la moitedi.


Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone;


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Edimo — teng nke ke ka fetoha — kahobane o phalletse ngwanabo ka lerumo, o pupeditse mohau wa hae, bohale ba hae bo sa phetse ho harola, mme o boloka kgalefo ya hae kamehla;


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya bana ba Ammone — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba petsotse baimana ba Gileade, ba tle ba hodise naha ya bona:


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Damaseka — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba hatisitse Gileade ka dilei tsa tshepe,


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Gasa — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba ile le ba hapilweng ba bangata ho ba neela Baedomo,


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Tire — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba neetse Edomo ba hapilweng ba bangata, ba sa hopole selekane sa boena;


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Juda — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba nyedisitse molao wa Jehova, ba sa ka ba boloka ditaelo tsa hae, ba mpa ba kgeloswa ke mashano a bona ao bontata bona moholo ba ileng ka wona;


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Iseraele — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba reka tjhelete ka ya lokileng, le ka mofumanehi ba reka dieta,


Setjhaba sa ka, hopola hle seo Balake, morena wa Moabe, a neng a se rerile, le seo Balaame, mora Beore, a mo arabetseng sona, le tse hlahileng ho tloha Sittime ho ya fihla Gilgale, o tle o tsebe ketso tse lokileng tsa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos