Bokolla, Heshbone, hobane Ai o sentswe; howeletsang, baradi ba Rabba, le apare lesela le mahwashe; llang, le sepele marakong a masimo a merara, hobane Malkome o tla iswa kgolehong hammoho le baprista le matona a hae.
ka baka leo, bona, ke tla o otlollela letsoho la ka, ke tle ke o neele ho rusolelwa ke ditjhaba, ke o kgaole hara ditjhaba, ke o timetse dinaheng tsohle; ke tla o fedisa, o tle o tsebe hoba ke nna Jehova.