Numere 9:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) ba etsa Paseka feelleng la Sinai, ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, ka nako ya mantsiboya. Tsohle tseo Jehova a neng a di laetse Moshe, bana ba Iseraele ba di etsa jwalo. BIBELE Ka letsatsi la leshome le metso e mene, la kgwedi ya pele, ka phirimana, bana ba Iseraele ba etsa mokete wa Paseka ba le lehwatateng la Sinai. Bana ba Iseraele ba etsa tsohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse Moshe kateng. |
Bana ba Iseraele kaofela ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng; ba fela ba etsa jwalo.
Tsohle tsa tshebetso ya tabernakele, e leng tente ya pokano, tsa phethwa jwalo, mme bana ba Iseraele ba etsa ka tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe; ba etsa jwalo.
Bana ba Iseraele ba hla be etsa mosebetsi wohle kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.
Bana ba Iseraele ba etsa tsohle kamoo Jehova a di laetseng Moshe kateng; ba fela ba etsa jwalo.
Moshe, le Aarone, le phutheho yohle ya bana ba Iseraele ba etsa bakeng sa Balevi tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe bakeng sa Balevi: bana ba Iseraele ba fela ba etsa jwalo bakeng sa bona.
mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.
Ka selemo sa mashome a mane, ka tsatsi le qalang kgwedi ya leshome le motso o mong, Moshe a bolella bana ba Iseraele tsohle tseo Jehova a neng a mo laetse hore a ba bolelle tsona.
Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, kamoo Jehova, Modimo wa ka, a ntaetseng kateng, hore le tle le etse ka tsona lefatsheng leo le yang ho le rua.
Ka tumelo, Abrahama, mohla a bitswang, o kile a utlwa, a fallela naheng eo a tlang ho e newa ka mokgwa wa lefa, mme a falla a sa tsebe moo a yang teng.
Haele Moshe, o fela a bile kgabane ka tlung yohle ya Modimo, ka mokgwa wa mohlanka, ho behela batho tse neng di tshwanetse ho bolelwa.
Bana ba Iseraele ba emisa Gilgale, ba etsa Paseka ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, nakong ya mantsiboya, mahwatateng a Jeriko.