Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 9:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Empa ho ne ho le batho ba bang ba silafetseng ka baka la motho ya shweleng, ba sitilweng ke hona ho etsa Paseka ka tsatsi lona leo. Yaba ba itlhahisa ho Moshe le ho Aarone ka lona tsatsi leo;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ho ne ho le teng banna ba bang, ba neng ba ena le sesila ka baka la ho ama setopo sa motho e mong, ba ileng ba sitwa ho etsa mokete wa Paseka ka letsatsi leo. Yaba ba tla kapele ho Moshe le ho Arone ka lona letsatsi leo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 9:6
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Moshe o re ho mohwehadi wa hae: Ke hobane setjhaba se tla ho nna ho botsa Modimo.


Mamela jwale lentswe la ka, ke o eletse, mme Modimo o be le wena! A e be wena ya emang pela Modimo bakeng sa setjhaba, e be wena ya isang ditaba ho Modimo.


Ba nna ba ahlolela setjhaba kamehla; dinyewe tse thata ba di tlisa ho Moshe, empa dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlola e le bona.


A se ke a atamela mofu; esita le ka ntatae, leha e le ka mmae, a se ke a ipea sesila.


Mora wa mosadi wa Moiseraele a nyefola lebitso la Jehova, a le rohaka. Yaba ba mo isa ho Moshe. Lebitso la mmae e ne e le Shelomithe, moradi wa Dibri, wa leloko la Dane.


Ba mo tshwereng a rwalla patsi, ba mo tlisa ho Moshe le Aarone, le ho phutheho kaofela.


Ya tlang ho ama setopo sa motho ofe le ofe e tla ba ya sa hlwekang ka matsatsi a supileng.


Ke ona molao wa mohla motho a shwang tenteng e nngwe: Mang le mang ya tla kena tenteng eo, le e mong le e mong ya tla ba tenteng, e tla ba ba sa hlwekang ka matsatsi a supileng.


E mong le e mong ya tla ama motho ya bolailweng naheng ka lerumo, kapa setopo, kapa masapo a batho, kapa lebitla, etlaba ha a hlweka ho fihlela matsatsi a supileng.


Monna ya hlwekileng o tla nka hisopa, a e qopetse metsing ao, a ntoo foka tente ka yona, le mesebetsi yohle, le batho ba leng teng, le eo ya amileng masapo, kapa motho ya bolailweng, kapa setopo, kapa lebitla.


ba fihla, ba itlhahisa pela Moshe, le pela moprista Eleasare, le pela marena le phutheho yohle, monyako wa tente ya pokano, ba re:


Moshe a bea taba ya bona pela Jehova.


Laela bana ba Iseraele hore ba ntshe diahelong molepera e mong le e mong, le motho e mong le e mong ya nang le ho dutla, leha e le motho e mong le e mong ya silafaditsweng ke setopo;


mme batho bao ba re ho Moshe: Re silafetse ka baka la motho ya shweleng, mme re ka thibelwa keng ho hlahisa kabelo ya Jehova hara bana ba Iseraele ka nako e beilweng na?


Jwale, ba tloha ho Kaiafa; ba isa Jesu kgotla; e ne e le kameso; empa bona ha ba ka ba kena kgotla ka sebele sa bona, hore ba tle ba se ke ba itshilafatsa, ba tle ba tsebe ho ja Paseka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos