22 Yaba Nowe o etsa kahohle kamoo Modimo o mo laetseng kateng, a fela a etsa jwalo.
22 Nowe a etsa jwalo; a etsa jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.
Yaba Abrahama o nka Ishmaele, mora wa hae, le bohle ba tswaletsweng tlung ya hae, le bohle ba rekilweng ka tjhelete ya hae, ba batona bohle ba ntlo ya Abrahama, a ba bolotsa ka lona letsatsi leo, kamoo Modimo o mmoleletseng kateng.
Ho tse tlileng, ha tla e tona le e tshehadi tsa nama yohle, jwalokaha Modimo o ne o mo laetse. Yaba Jehova o a mo kwalla.
Yaba Nowe o etsa kahohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng.
tsa tla ka pedi arekeng ho Nowe, e tona le e tshehadi, jwalokaha Modimo o ne o laetse Nowe.
Moshe a etsa jwalo; a etsa tsohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng.
Hape, a ala tente hodima tabernakele, mme hodima yona a bea sekgurumetso sa tente, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
Yaba o tlisa areka tabernakeleng, a fanyeha lesira le homilweng le kgaolang, a sireletsa jwalo areka ya bopaki, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
a lokisa mahobe pela Jehova, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
a lokisa dilampi pela Jehova, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
teng a tjhesetsa dibano tse monko o monate, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
enere ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela pela aletare, ba ne ba itlhatswa, jwalokaha Jehova a laetse Moshe.
Moshe le Aarone ba etsa kamoo Jehova a ba laelang kateng; ba fela ba etsa jwalo.
A tsoha, a nka ngwana le mmae, a tla lefatsheng la Iseraele.
Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.
Mmae a re ho bahlanka: Etsang kahohle kamoo a tla le bolella kateng.
Iponeleng, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona. O se ke wa di eketsa ka letho, mme o se ke wa tlosa letho ho tsona.