Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 7:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova a re ho Nowe: Kena arekeng, wena le ba ntlo ya hao kaofela, hobane ke o bone o lokile pela ka lelokong lena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Morena a re ho Nowe: “Wena, le ba ntlo ya hao, kena ka arekeng, hobane ke bone hore molokong ona ke wena feela ya lokileng mahlong a ka.

Ver Capítulo Copiar




Genese 7:1
26 Referencias Cruzadas  

Empa ke tla hlaba selekane sa ka le wena, mme o tla kena arekeng, wena, le bara ba hao, le mosadi wa hao, le basadi ba bara ba hao hammoho le wena.


Ditaba tsa Nowe ke tsena: Nowe e ne e le motho ya lokileng, ya kgabane mehleng ya hae; mme Nowe o ne a tsamaya le Modimo.


Ka lona tsatsi leo, Nowe a kena ka arekeng, a na le Sema, le Kama, le Jafeta, bara ba Nowe, le mosadi wa Nowe, le basadi ba bararo ba bara ba hae,


Nowe a kena ka arekeng, a na le bara ba hae, le mosadi wa hae, le basadi ba bara ba hae le yena, ba tshaba metsi a morwallo.


Ke hlokile ho nyatseha pela hae, mme ke ipolokile ke se ke ka etsa bokgopo.


Ya tsamayang ka ho loka o tsamaya ka kgotso; empa ya kgopamisang metsamao ya hae o a tsebahala.


Ya tshabang Jehova o na le kgotso ya sebelebele, mme bana ba hae ba tla ba le setshabelo.


Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ya lokileng o balehela ho yona, mme o dula phahameng.


ha ho ne ho ka ba teng ho lona banna bao ba bararo, Nowe, le Daniele, le Jobo, haele bona, ba ne ba tla namolela meya ya bona, ka ho loka ha bona; ho rialo Morena Jehova.


Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatshe, ba etsang ka taelo ya hae; batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tshoha le patwa tsatsing la bohale ba Jehova.


Ba ne ba lokile pela Modimo ba babedi, ba tsamaya melaong yohle le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuwang kateng.


Jwalokaha ho ne ho etsahale mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo mehleng ya Mora motho.


Hobane pallo eo e etseditswe lona, le bana ba lona, le ba leng hole kaofela, ba sa tlang ho bitswa ke Morena, Modimo wa rona.


Ka tumelo, Nowe, eitse hobane a tsebiswe ke Modimo tse esong ho bonahale, o kile a tshaba Modimo, mme a haha areka ho pholosa ba ntlo ya hae, mme ka tumelo eo o tswile lefatshe, le hona a etswa mojalefa wa ho loka ho leng ka tumelo.


e neng e ikgantshitse kgale, ha Modimo o ne o sa mameletse ka sebete, e leng mehleng ya Nowe, ha ho ne ho hahuwa areka, eo batho ba seng bakae, e leng ba robileng meno e le mmedi, ba pholositsweng ka yona metsing.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos