Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 6:22 - BIBELE

22 Nowe a etsa jwalo; a etsa jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Yaba Nowe o etsa kahohle kamoo Modimo o mo laetseng kateng, a fela a etsa jwalo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 6:22
19 Referencias Cruzadas  

Jwale Aborahama a nka mora wa hae Ishemaele, le bana bohle ba lelapa la hae, le bohle ba rekilweng ka tjhelete ya hae, bohle ba batona ba ntlo ya Aborahama, a ba bolotsa ka lona letsatsi leo ka ho ba poma leeko, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.


Tse ileng tsa kena e ne e le e tona, le e tshehadi, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse. Jwale Morena a mo kwalla kahare.


Nowe a etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


tsa tla ka bobedi, e le e tona le e tshehadi, tsa kena ka arekeng le Nowe, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


Yaba Moshe o etsa tsohle ho ya kamoo Morena a neng a mo laetse kateng.


A kwahela Leaho ka masela, mme a bea marulelo hodima yona, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


A kenya areka kahara Leaho, a lepeletsa lesira le sireletsang areka ya selekane, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


Hodima yona a hlopha bohobe bo bewang kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


A bea mabone kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


A tjhesetsa mokubetso o monko o monate hodima yona, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


Ha ba ne ba kena ka Tenteng ya Morena, leha ba atamela pela aletare, ba ne ba ye ba itlhatswe, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Moshe le Arone ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng. Ba fela ba etsa jwalo.


Josefa a tsoha, a nka ngwana le mmae, a boela naheng ya Iseraele.


Lona le metswalle ya ka, ha le etsa seo ke le laelang sona.


Mmae a re ho basebeletsi: “Eng le eng eo a le bolellang yona, le e etse.”


“Tsohle tseo ke le laelang tsona le hlokomele ho di phetha. Le se ke la eketsa letho, kapa la fokotsa letho ho tsona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos