5 Yaba Nowe o etsa kahohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng.
5 Nowe a etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
Yaba Nowe o etsa kahohle kamoo Modimo o mo laetseng kateng, a fela a etsa jwalo.
Ho tse tlileng, ha tla e tona le e tshehadi tsa nama yohle, jwalokaha Modimo o ne o mo laetse. Yaba Jehova o a mo kwalla.
ke moo nke keng ka swaba ha ke nahana ditaelo tsa hao tsohle.
Tsohle tsa tshebetso ya tabernakele, e leng tente ya pokano, tsa phethwa jwalo, mme bana ba Iseraele ba etsa ka tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe; ba etsa jwalo.
Moshe a etsa jwalo; a etsa tsohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng.
Moshe le Aarone ba etsa kamoo Jehova a ba laelang kateng; ba fela ba etsa jwalo.
Empa Jesu a mo araba, a re: Ntumelle jwale; hobane e ka kgona re phethe jwalo ho lokelang hohle. Yaba Johanne o a mo lesa.
Empa a araba, a re ho bona: Mme le banabeso ke ba utlwang lentswe la Modimo, ba etsang ka lona.
Ekare ha le tseba taba tseo, le lehlohonolo ha le di etsa.
Mmae a re ho bahlanka: Etsang kahohle kamoo a tla le bolella kateng.
Mme ha a hlahile a le jwaloka motho, o ikokobeditse, a iketsa ya utlwang ho isa lefung, e, le lefung la sefapano.
leha e ne e le Mora, o ithutile kutlo ka tse bohloko tse mo hlahetseng.