Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 9:5 - BIBELE

5 Ka letsatsi la leshome le metso e mene, la kgwedi ya pele, ka phirimana, bana ba Iseraele ba etsa mokete wa Paseka ba le lehwatateng la Sinai. Bana ba Iseraele ba etsa tsohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse Moshe kateng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 ba etsa Paseka feelleng la Sinai, ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, ka nako ya mantsiboya. Tsohle tseo Jehova a neng a di laetse Moshe, bana ba Iseraele ba di etsa jwalo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 9:5
18 Referencias Cruzadas  

Nowe a etsa jwalo; a etsa jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.


Nowe a etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


Bana bohle ba Iseraele ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe le Arone.


Yaba mosebetsi wa Leaho la Tente ya Morena, wa phethwa. Bana ba Iseraele ba ne ba entse tsohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse kateng.


Bana ba Iseraele ba ne ba entse mosebetsi wohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse Moshe kateng.


Bana ba Iseraele ba etsa jwalo; ba etsa tsohle jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Moshe a bolella bana ba Iseraele tsohle tseo Morena a mo laetseng tsona.


Bo-Moshe, le Arone, le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ba etsa jwalo ho Balevi. Ho ya ka tsohle tseo Morena a neng a di laetse Moshe, malebana le Balevi, bana ba Iseraele ba etsa Balevi jwalo.


Moshe a bolella bana ba Iseraele hore ba etse mokete wa Paseka.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


Lona le metswalle ya ka, ha le etsa seo ke le laelang sona.


“Ke ka hona, kgosi Ageripa, ke sa kang ka hana ho mamela pono eo ya lehodimo.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome le motso o mong, selemong sa mashome a mane, Moshe a bua ho bana ba Iseraele, ho ya kamoo Morena a neng a mo laetse kateng mabapa le bona.


“Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ntaetse, e le hore le tle le etse jwalo naheng eo le yang ho yona, hore e be ya lona.


Ka tumelo Aborahama o ile a mamela ha Modimo a mmitsa, mme a fallela naheng e tlang ho ba lefa la hae; a tloha a sa tsebe moo a yang teng.


Moshe o ile a tshepahala tlung yohle ya Modimo e le mosebeletsi ya pakang tse tlang ho bolelwa ke Modimo,


Bana ba Iseraele ba nna ba hlola Gilegale, mme ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi eo, ka phirimana, ba keteka mokete wa Paseka diphuleng tsa Jeriko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos