Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 3:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Haele Moshe, o fela a bile kgabane ka tlung yohle ya Modimo, ka mokgwa wa mohlanka, ho behela batho tse neng di tshwanetse ho bolelwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Moshe o ile a tshepahala tlung yohle ya Modimo e le mosebeletsi ya pakang tse tlang ho bolelwa ke Modimo,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Moshe o ne a tshepeha ka tlung yohle ya hae jwaloka mohlanka, e le bopaki ba tse neng di tla bolelwa;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Moshe o ne a tshepeha ka tlung yohle ya hae jwaloka mohlanka, e le bopaki ba tse neng di tla bolelwa;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 3:5
35 Referencias Cruzadas  

Wa ba tsebisa Sabatha ya hao e halalelang, mme wa ba beela ditaelo le ditemoso le molao ka Moshe, mohlanka wa hao.


A roma Moshe, mohlanka wa hae, le Aarone, eo a neng a mo kgethile;


Iseraele a bona matla a maholo ao Jehova a a bonahaditseng ho Baegepeta, mme setjhaba sa tshaba Jehova, sa dumela Jehova le Moshe, mohlanka wa hae.


Moshe a etsa jwalo; a etsa tsohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng.


Empa ha ho jwalo le mohlanka wa ka, Moshe; o tshepehile tlung ya ka kaofela;


Ana ke mang mohlanka ya kgabane, ya bohlale, eo morena wa hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae ho ba nea dijo nakong ya teng?


Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao.


Morena a re: Mohlahlobi ke ofe ya kgabane, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae, ho ba nea dijo tsa bona ka nako e tshwanelang?


Yaba o qala ka Moshe, a isa ho baporofeta bohle, a ntse a ba hlalosetsa Mangolong wohle tseo a boletsweng ka tsona.


A ntoo re ho bona: Ke tsona ditaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lona, ka re: Tsohle tseo ke ngodilweng ka tsona molaong wa Moshe le baporofeteng le dipesalemeng, e ka kgona di etsahale.


Le botsisisa Mangolo, kahobane le lekanya hore le na le bophelo bo sa feleng ho wona; athe ke wona a mpakang.


Eitse hobane ba mmeele letsatsi, ba tla ho yena ba le bangata moo a dutseng teng, mme a ba bolella, a paka tsa mmuso wa Modimo ho bona, a leka ho ba kgodisa bakeng sa Jesu, a isa ka molao wa Moshe le baporofeta, a qala hosasa ho fihlela mantsiboya.


Esale Moshe eo ya kileng a re ho bana ba Iseraele: Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; mo utlweng.


Empa jwale, ho loka ha Modimo ho hlahile, e seng ka molao, ho ntse ho pakwa ke molao le baporofeta;


Efela se batlwang ho diabi, ke hoba se seng le se seng se fumanwe e le se tshepehang.


Morena Jehova, o se o qadile ho bontsha mohlanka wa hao boholo ba hao le letsoho la hao le matla. Hobane modimo ke ofe mahodimong le lefatsheng, o ka etsang mesebetsi le diketso tse phahameng jwaloka tsena tsa hao?


Moshe, mohlanka wa Modimo, a shwela hona teng, naheng ya Moabe, ka taelo ya Jehova.


Ke boka Morena wa rona Jesu Kreste, ya ntiisitseng, kahobane o lekantse hoba ke tshepehile, ha a mpea mohlanka wa hae:


Modimo, ha o ne o buile hangata mehleng ya kgale, le ka mekgwa e mengata, le bontata rona ka baporofeta,


ya bileng kgabane ho ya mmeileng, jwalokaha Moshe le yena o bile kgabane ka tlung ya hae yohle.


Hobane ntlo e nngwe le e nngwe e ye e hahuwe ke motho; empa ya hahileng ntho tsohle ke Modimo.


ba sebetsang ka tse tshwantshang dintho tsa lehodimo le diriti tsa tsona, kamoo Modimo o neng o laetse Moshe kateng, ha a tla etsa tabernakele, wa re: Lemoha hantle, o etse ntho tsohle ka tekanyetso ya tseo o di bontshitsweng.


Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, e leng setshwantsho feela sa sa sebele; empa o kene lehodimong la sebele, a tle a hlahe jwale pela sefahleho sa Modimo, sebakeng sa rona;


Jehova a be a khatholle banababo lona jwaloka lona, le bona ba tle ba rue fatshe leo Jehova, Modimo wa lona a ba neileng lona; le ntoo boela fatsheng le ruilweng ke lona, le le rue, e le leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose o kwano wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi.


Moshe, mohlanka wa ka, o timetse; tsoha jwale, o tshele Jordane ena, wena le setjhaba sena kaofela, mme o kene lefatsheng leo ke le neileng bana ba Iseraele.


Feela o iphe matla, o etse ka senna haholo, o hlokomele ho etsa ka molao wohle oo Moshe, mohlanka wa ka, a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha ho ya ka ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tle o atlehe kahohle moo o yang teng.


Jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a laetse bana ba Iseraele, kamoo ho ngodilweng kateng bukeng ya molao wa Moshe; e ne e le aletare ya majwe a sa kang a thuhwa, ao tshepe e neng e sa ka ya fihliswa ho wona; hodima yona ba hlabela Jehova ditjheso; ba mo hlabela le mahlabelo a teboho.


Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le matona a bona, le baahlodi ba bona ba ema ka nqa tse pedi ho areka, mabapa le baprista, e leng Balevi ba jereng areka ya selekane sa Jehova, hammoho le baditjhaba, le Baiseraele ba hlaho; sehlopha se seng se ne se lebane le thaba ya Gerisime, sehlopha sa bobedi se lebane le thaba ya Ebale, kamoo Moshe, mohlanka wa Jehova, a neng a laetse kateng kgale, hore ba hlohonolofatse setjhaba.


Mme ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: E meholo, e a babatseha, mesebetsi ya hao, Morena Modimo o matla wohle! Oho, Morena wa ditjhaba, ditsela tsa hao di lokile hakakang, ke nnete feela!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos