Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 3:5 - BIBELE

5 Moshe o ile a tshepahala tlung yohle ya Modimo e le mosebeletsi ya pakang tse tlang ho bolelwa ke Modimo,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Haele Moshe, o fela a bile kgabane ka tlung yohle ya Modimo, ka mokgwa wa mohlanka, ho behela batho tse neng di tshwanetse ho bolelwa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Moshe o ne a tshepeha ka tlung yohle ya hae jwaloka mohlanka, e le bopaki ba tse neng di tla bolelwa;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Moshe o ne a tshepeha ka tlung yohle ya hae jwaloka mohlanka, e le bopaki ba tse neng di tla bolelwa;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 3:5
35 Referencias Cruzadas  

Wa ba ruta Sabatha se halalelang sa hao, ka mohlanka wa hao Moshe wa ba beela melao, le ditaelo, le dikahlolo.


A romela Moshe, mohlanka wa hae, le Arone eo a mo kgethileng.


Baiseraele ba bona letsoho le matla la Morena, le ileng la hlola Baegepeta. Setjhaba sa tshaba Morena, mme sa dumela ho Morena, le ho Moshe, mohlanka wa hae.


Yaba Moshe o etsa tsohle ho ya kamoo Morena a neng a mo laetse kateng.


Ho mohlanka wa ka Moshe ha ho jwalo; ka tlung ya ka yohle o a tshepahala.


“Jwale ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng ho laola ba lelapa la hae, hore a ba fepe ka nako e lokelang?


“Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’


Morena a re: “Ke ofe mookamedi ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a tla mmea hodima basebeletsi ba hae ho ba fa seabo sa dijo ka nako e lokelang?


A qala ka Moshe le ka Baporofeta bohle, a ba qaqisetsa tse amanang le yena, tse Mangolong wohle.


Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.”


Le fuputsa Mangolong, hobane le hakanya hore ka wona le na le bophelo bo sa feleng, athe ke wona a mpakang,


Ha ba se ba mo kgethetse letsatsi, ba bangata ba tla ho yena, moo a dulang teng. A ba hlalosetsa, a paka tsa Mmuso wa Modimo. Ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya a leka ho ba kgodisa ka tsa Jesu, a ipapisitse le Molao wa Moshe le Baporofeta.


Ke yena Moshe enwa ya itseng ho bana ba Iseraele: ‘Hara bana babo lona, Modimo o tla le hlahisetsa Moporofeta ya kang nna.’


Empa jwale ho lokafatswa ke Modimo ho bonahaditswe e le ho sa itshetleheng ka Molao; hona ho pakwa ke Molao le Baporofeta.


Ho batlehang ke hore mookamedi ka mong a fumanwe a tshepahala.


‘Oho, Morena Modimo, o qadile ho bontsha mohlanka wa hao boholo ba hao, le matla a hao. Ke modimo ofe lehodimong kapa lefatsheng, ya ka etsang mesebetsi e tshwanang le ya hao, le diketso tse matla, tse tshwanang le tsa hao?


Yaba Moshe mohlanka wa Morena, o shwella naheng eo ya Moabe, jwalokaha Morena a ne a boletse.


Ke leboha ya mmatlafaditseng, e leng Kreste Jesu Morena wa rona, hobane o nkukile ke le ya tshepahalang, a ba a nkgethela ho ba mosebeletsi wa hae,


Mehleng ya kgale Modimo o ile a bua le bo-ntata rona ka baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka mekgwa e mengata,


O ile a tshepahala ho ya mmeileng, jwalokaha Moshe a ile a tshepahala tlung yohle ya Modimo.


Efela ntlo e nngwe le e nngwe e na le sehahi sa yona, mme sehahi sa tsohle ke Modimo.


Feela bosebeletsi ba bona ke mohlala le setshwantsho sa tse mahodimong, jwalokaha Modimo a ile a lemosa Moshe, ha a le lekgatheng la ho hloma Tente, a re: “Bona, o tla etsa tsohle ho latela seo o neng o se bontshwe ha o le thabeng.”


Kreste ha a a ka a kena ka Sehalalelong se entsweng ke batho, e leng setshwantsho feela sa Sehalalelo sa nnete, empa o kene lehodimong la sebele, moo jwale a tlang ho hlaha kapele ho Modimo sebakeng sa rona.


Ha Morena a se a phomoditse bana bao babo lona, jwaloka lona, mme le bona ba se ba hapile naha eo Morena Modimo wa lona, a ba neang yona, ke hona le ka kgutlelang naheng ya lona, la dula ho yona, e leng naha eo Moshe, mohlanka wa Morena, a le neileng yona, kamose ho Jorodane, nqa botjhabela.”


“Moshe, mohlanka wa ka, o shwele. Ka baka leo, tsamaya, o tshele noka ena ya Jorodane, wena le setjhaba sena sohle sa Iseraele, le tshelele naheng eo ke le neang yona.


Feela tsoha molota, o be sebete, o hlokomele ho phetha molao wohle oo mohlanka wa ka Moshe a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha jwang kapa jwang, e le hore o tle o atlehe hohle moo o yang teng.


A e haha jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a laetse bana ba Iseraele, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Molao wa Moshe; aletare ya majwe ao ho seng motho ya kileng a a betla ka tshepe. Ba nyehella Morena ka mahlabelo a setjheso hodima yona, ba mo nyehella le ka mahlabelo a teboho.


Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le baokamedi ba bona, le baahlodi ba bona, le bajaki, le matswallwa a naha, ba ema ka mahlakoreng a mabedi a areka ya selekane, kapele ho baprista e leng Balevi, ba jarang areka ya selekane sa Morena. Karolo e nngwe ya setjhaba e ne e tadimile thabeng ya Gerisime, mme karolo e nngwe e tadimile thabeng ya Ebale, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a ba laetse ho etsa jwalo ha ba hlohonolofatsa setjhaba sa Iseraele e le lekgetlo la pele.


Ba ne ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: “Mesebetsi ya hao e meholo, e tsoteha hakaakang, Morena Modimo ya matla wohle! Ditsela tsa hao di lokile, ke tsa nnete, wena Kgosi ya ditjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos