Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 39:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Tsohle tsa tshebetso ya tabernakele, e leng tente ya pokano, tsa phethwa jwalo, mme bana ba Iseraele ba etsa ka tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe; ba etsa jwalo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 Yaba mosebetsi wa Leaho la Tente ya Morena, wa phethwa. Bana ba Iseraele ba ne ba entse tsohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse kateng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 39:32
24 Referencias Cruzadas  

ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya Bule, e leng kgwedi ya boroba meno e le mmedi, ntlo ya phethwa hohle le ka tshwanelo yohle. A e haha ka dilemo tse supileng.


Hirame a bopa le dipitsa, le dikgarafu, le mafiswana. Hirame a phetha jwalo mosebetsi wohle wa ntlo ya Jehova, oo a o laetsweng ke morena Salomone:


Davida a re: Tsohle tseo, Jehova o nneile kutlwisiso ya tsona ka ho di ngola ka letsoho la hae, ke re, mesebetsi yohle ya tekanyetso eo.


Yaba bana ba Iseraele ba ya, ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng: ba fela ba etsa jwalo.


O hlokomele ho etsa ntho tseo ka tekanyetso eo o e bontshitsweng thabeng.


ke ho re tente ya pokano, le areka ya bopaki, le sekwahelo se bewang hodima yona, le mesebetsi yohle ya tabernakele;


la hokelwa ka kgole ya purepera, hore le bewe moqhweleng, kahodima wona, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Yaba Moshe o tlisetswa tabernakele, le tente le mesebetsi yohle ya yona, le dikgoketsane tsa yona, le dipolanka tsa yona, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa yona;


Yaba Jehova o bolella Moshe, a re:


O tle o kenye ho yona areka ya bopaki, o sireletse areka ka lesira.


enere ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela pela aletare, ba ne ba itlhatswa, jwalokaha Jehova a laetse Moshe.


Ba ne ba baballa areka, le tafole, le kandelare, le dialetare, le mesebetsi ya sehalalelo, eo ho etswang tshebeletso ka yona, le lesira, le tsona dintho tse yang le lona.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


Iponeleng, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona. O se ke wa di eketsa ka letho, mme o se ke wa tlosa letho ho tsona.


ya bileng kgabane ho ya mmeileng, jwalokaha Moshe le yena o bile kgabane ka tlung ya hae yohle.


ba sebetsang ka tse tshwantshang dintho tsa lehodimo le diriti tsa tsona, kamoo Modimo o neng o laetse Moshe kateng, ha a tla etsa tabernakele, wa re: Lemoha hantle, o etse ntho tsohle ka tekanyetso ya tseo o di bontshitsweng.


Yaba Samuele o re: Hleka Jehova o kgahlwa ke ditjheso le ke mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ha ho utluwa lentswe la Jehova na? Bona kutlo e fetisa sehlabelo, mme mamelo e fetisa mafura a dipheleu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos