Numere 11:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke tla theoha, ke bue le wena teng; ke tla nka moyeng o hodima hao, mme ke tla o bea hodima bona; ba tla jara le wena phahlo ya setjhaba, mme ha o sa tla e jara o nnotshi. BIBELE Ke tla theohela teng, ke bue le wena. Ke tla nka karolo e nngwe ya moya o ho wena, ke ba abele yona. Ba tla jarisana mojaro wa setjhaba sena le wena, hore o se ke wa o jara o le mong. |
Yaba Jehova o a ikela; ha a se a qetile ho bua le Abrahama; mme Abrahama a kgutlela ha hae.
Bara ba baporofeta ba Jeriko ba neng ba eme mabapa le teng, ha ba mmona, ba re: Moya wa Elia o dutse hodima Elisha. Ba tla, ba mo kgahlanyetsa, ba inama fatshe pela hae.
Eitse hobane ba tshele, Elia a re ho Elisha: Kopa seo nka o etsetsang sona, ke eso ho tloswe ho wena. Elisha a re: A nke ke newe karolo tse pedi tsa moya wa hao.
O nnile wa ba fa moya wa hao o molemo ho ba hlalefisa; ha o a ka wa tima melomo ya bona manna ya hao, mme wa nna wa ba nea metsi a ho ba nosa.
O ta kgathala ruri, wena le setjhaba sena se nang le wena, hobane mosebetsi o ya o imela, o ka sitwa ho o phetha o nnotshi.
Ba ahlolele setjhaba kamehla; nyewe tse kgolo kaofela ba di tlise ho wena, dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlole e le bona, ba o imolle, ba jare hammoho le wena.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho setjhaba, o se hlwekise kajeno le hosasane: ba hlatswe diaparo tsa bona. Ba itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka tsatsi la boraro Jehova o tla theohela hodima thaba ya Sinai, mahlong a setjhaba kaofela.
Jehova a theohela hodima thaba ya Sinai, qhoweng ya thaba; Jehova a biletsa Moshe qhoweng ya thaba, mme Moshe a nyoloha.
Hobane ke tla tshela lefatshe le nyorilweng ka metsi, melapo e phalle lefatsheng le omeletseng; ke tla tshollela moya wa ka hodima leloko la hao, le hlohonolofatso ya ka hodima mahlomela a hao,
Yaba setjhaba sa hae se elellwa mehla ya kgale ya Moshe, sa re: O kae ya ba ntshitseng lewatleng, ba ena le modisa wa mohlape wa hae? O kae ya neng a bea Moya wa hae o Halalelang hara bona;
Kamora tseo, ke tla tshollela moya wa ka hodima nama yohle, ho be ho porofete bara ba lona le baradi ba lona, maqheku a lona a lore ditoro, le bahlankana ba lona ba bone dipono.
Jehova a theoha lerung, a bua le yena, a nka moyeng o leng hodima Moshe, a o bea hodima baholo ba mashome a supileng. Eitse hobane moya o dule hodima bona, hang ba hla ba porofeta; empa ba se ke ba hlola ba pheta.
Jehova a theoha topallong ya leru, a ema monyako wa tente ya pokano, a bitsa Aarone le Miriame; mme bona ba babedi ba tswa.
ke bua le yena ka molomo o bapileng le molomo, ka ho iponahatsa, e seng ka mokgwa wa ho lotha; o boha sefahleho sa Jehova. Ha ho le jwalo, ho ile kang ha le sa ka la tshaba ho bua hampe ka mohlanka wa ka, Moshe, na?
Jehova a re ho Moshe: Nka Joshua, mora Nune, monna eo moya o leng ho yena, o bee letsoho la hao hodima hae.
Ha Moshe a ne e kena tenteng ya pokano ho bua le Jehova, o ne a utlwa lentswe le buang le yena, le tswang pakeng tsa dikerubime tse pedi, sekwahelong se hodima areka ya bopaki; mme o ne a bua le yena.
Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora motho, ya leng lehodimong.
Ka taba eo, o ne a lekanya Moya oo ba dumelang ho yena ba tlang ho o newa; hobane Moya o Halalelang o ne o eso ho hlahe, kahobane Jesu a ne a eso ho tlotliswe.
Empa lona, ha le nameng, le mpa le le moyeng, ha Moya wa Modimo o fela o ahile ka ho lona. Ekare ha motho a se na Moya wa Kreste, hase wa hae.
Haele rona, ha re a ka ra amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo, re tle re tsebe tseo re di filweng feela ke Modimo.
Ka baka leo, ya nyatsang tseo, ha a nyatse motho, empa o nyatsa Modimo, o kentseng le Moya wa wona o Halaleleng ka ho lona.
Jwale, meya ya lona ha e hlatswitswe ke ho utlwa nnete, hore le be le lerato la boena le se nang boiketsiso, a le ke le rataneng ka ho tiya ka pelo e hlwekileng;
Le wena, moya wa Jehova o tla o tshwara, mme o tla porofeta le bona, o be o fetohe motho osele.