Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 19:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Jehova a theohela hodima thaba ya Sinai, qhoweng ya thaba; Jehova a biletsa Moshe qhoweng ya thaba, mme Moshe a nyoloha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Morena a theohela hodima thaba ya Sinai, tlhorong ya yona, a bitsetsa Moshe teng, yaba Moshe o a nyoloha.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 19:20
12 Referencias Cruzadas  

Lentswe la re: Tloha, o ye ho ema thabeng pela Jehova. Yaba Jehova o a feta. Moya o moholo, o matla, wa petsola dithaba, wa qhetsola mafika pela Jehova; empa Jehova o ne a le siyo moyeng. Kamora moya, ya eba tshisinyeho ya lefatshe; empa Jehova o ne a le siyo tshisinyehong.


Wa ba wa theohela thabeng ya Sinai, wa bua le bona o le mahodimong; wa ba nea dikahlolo tse lokileng le melao ya nnete, le ditemoso tse molemo le ditaelo.


Wa nthapela o le matswalong, ka o boloka, ka o utlwa ke ipopile ka leru le dumang, ka o leka metsing a Meriba. (Sela.)


Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho setjhaba, o se hlwekise kajeno le hosasane: ba hlatswe diaparo tsa bona. Ba itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka tsatsi la boraro Jehova o tla theohela hodima thaba ya Sinai, mahlong a setjhaba kaofela.


Moshe a nyolohela ho Modimo, mme Jehova a mmitsa a le qhoweng ya thaba, a re: Bua le ntlo ya Jakobo, o bolelle bana ba Iseraele, o re:


Yaba Moshe o nyolohela thabeng, mme leru la apesa thaba.


Moshe a kena lerung, a hlwella thabeng, mme Moshe a hlola thabeng matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane.


O itokise e sa le hosasa, mme o hlwelle thabeng ya Sinai hosasa; o eme teng pela ka, qhoweng ya thaba.


Moshe a betla matlapa a mabedi a kang a pele; mme a tsoha e sa le hosasa, a hlwella thabeng ya Sinai, jwalokaha Jehova a ne a mo laetse, a ya a nkile matlapa a mabedi matsohong a hae.


A re: Jehova o tlile a etswa Sinai; o ba tjhabetse a etswa Seire; a kganya a le thabeng ya Parane; o tlile a etswa makgotleng a diketekete a kgethehileng; ka letsoho la hae le letona, a ba romela mollo wa molao.


Eitse ha ke nyolohela thabeng ho ya nka matlapa, matlapa a selekane seo Jehova a se entseng le lona, ka hlola thabeng matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, ke sa je bohobe, ke sa nwe metsi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos