Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 19:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Yaba Jehova o re ho Moshe: Theoha, o laele setjhaba, ba se tshohe ba phunyelletsa ka ho Jehova ho tla boha, mme ha eshwa ba bangata ho bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Yaba Morena o re ho Moshe: “Theoha, o hlokomedise setjhaba esere mohlomong sa phunyeletsa ho tla bona Morena, mme sa eshwa ka bongata.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 19:21
12 Referencias Cruzadas  

Moshe a re: A nke ke fapohele, ke shebe pono ena e kgolo, ke tle ke bone hore ke ka baka lang ha sehlahla se sa tjhe.


Wa re: O se ke wa atamela mona; rola meqathatso ya hao maotong a hao, hobane nqalo eo o emeng ho yona ke mobu o halalelang.


Hape a re: O ke ke wa bona sefahlelo sa ka, hobane ha ho motho ya ka mponang, mme a phela.


Lebela maoto a hao ha o kena ka tlung ya Modimo; ho atamela ho mamela ditaba, ho hotle ho ena le ho hlaba sehlabelo sa mawatla; hobane ha a tsebe hobane a etsa hampe.


Etlare ha phutheho e tloha, mme Aarone le bara ba hae ba qetile ho phutha dintho tsa sehalalelo le mesebetsi yohle ya sehalalelo, bara ba Kehathe ba tla kena ho di jara. Ba se ke ba ama dintho tse kgethehileng, ba se tshohe ba eshwa. Ke eo phahlo ya bara ba Kehathe ho tsa tente ya pokano.


Le se ke la etsa taba e ka tlosang leloko la matlo a Bakehathe mahareng a Balevi,


le mpe le ba etsetse hona, ba tle ba phele, mme ba se ke ba eshwa, ha ba tshoba ba atamela sehalaledisiso: Aarone le bara ba hae ba ke ba kene, ba ba laele e mong le e mong mosebetsi wa hae le phahlo ya hae,


empa ba se ke ba kena ho ya bona dintho tse kgethehileng leha e le ka motsotsonyana, esere ba eshwa.


Nna, mohlang oo, ke ne ke eme mahareng a Jehova le lona ke tle ke le phetele lentswe la Jehova; hobane le ne le tshaba mollo; mme ha le a ka la hlwa thabeng. Jehova a re:


Feela, Jehova a otla banna ba Bethe-Shemeshe, kahobane ba kile ba nyarela ka arekeng ya Jehova; a otla batho ba mashome a supileng (le ba dikete tse mashome a mahlano), mme setjhaba sa lla, kahobane Jehova a otlile setjhaba ka kotlo e kgolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos