Kahobane le ne le le siyo lekgetlong la pele, Jehova, Modimo wa rona, o entse sekgeo hara rona, kahobane re ne re sa ka ra mmatla ka ho ya ka taelo ya hae.
Paseka ya hlajwa ka la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi. Baprista le Balevi ba ne ba hlabilwe ke dihlong, mme ba be ba ikgalaleditse, ba ba ba tlisa ditjheso ka tlung ya Jehova.
Ba ne ba sitilwe ho e etsa ka nako ya teng, hobane baprista ba halaleditsweng ba ne ba eso ho lekane, le sona setjhaba se ne se eso ho phuthehele Jerusalema.
Yaba Jehova o re ho yena: Tsamaya, o theohe, le ntano nyoloha, wena le Aarone, empa baprista le setjhaba ba se ke ba phunyelletsa ho tla nyolohela ho Jehova, esere a tshoha a ba bolaya.
Mme jwale ekare ha le ka fela la utlwa lentswe la ka, la boloka selekane sa ka, le tla ba le letlotlo la ka la sebele hara ditjhaba tse ding kaofela, etswe lefatshe lohle e le la ka.
Ba tla halalela ka baka la Modimo wa bona, mme ba ke ke ba tlotlolla lebitso la Modimo wa bona; hobane ke bona ba hlahisang mahlabelo a tjhesetswang Jehova, e leng sejo sa Modimo wa bona; a ba ke ba halalele ke hona.
Haele setjhaba, e re ho sona: Le itlhwekisetse letsatsi la hosasane, le tle le je nama, hobane le kile la lla ditsebeng tsa Jehova, la re: Ke mang ya tla re jesa nama, athe re ne re iketla Egepeta?