Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 19:22 - BIBELE

22 Baprista bohle ba tla atamela pela Morena ba ke ba itlhwekise, esere a ba otla.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Esita le baprista ba atamelang Jehova, ba ikgalaletse le bona, esere Jehova a ba bolaya.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 19:22
17 Referencias Cruzadas  

Kahobane ha e a ka ya tliswa ke lona ka lekgetlo la pele, Morena Modimo wa Iseraele, o ile a re halefela, hobane re ne re sa ka ra mo hlompha ka mokgwa o tshwanetseng.”


Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ba hlaba konyana ya Paseka. Baprista le Balevi ba hlajwa ke dihlong, mme ba itlhwekisa, ba tlisa dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena.


Ba ne ba ke ke ba etsa mokete ona ka nako ya teng, hobane baprista ba ne ba eso itlhwekise ka mokgwa o phethahetseng, mme le setjhaba se ne se eso phuthehele Jerusalema.


Yaba Morena o re ho yena: “Tsamaya, o theohe, o nyolohe hape, o ena le Arone, mme baprista le setjhaba ba se ke ba phunyeletsa ho tla ho Morena, esere kgalefo ya hae ya ba tlokela.”


Ha feela le ka mamedisa lentswe la ka, mme la boloka selekane sa ka, le tla ba setjhaba sa ka se kgethehileng hara ditjhaba tsohle, hobane lefatshe lohle ke la ka.


A romela bahlankana ba setjhaba sa Iseraele, ba nyehela ka mahlabelo a ditjheso, mme ba etsetsa Morena mahlabelo a teboho ka dipohwana.


Tsamayang! Tsamayang le tlohe mona! Le se ame letho le silafetseng! Tswang Babilona le itlhwekise, lona ba nkang dijana tsa Morena.


Ba tla halalela ho Modimo wa bona, mme ba se ke ba silafatsa lebitso la Modimo wa bona. Kahobane ke bona ba etsang nyehelo ya setjheso ya Morena, e leng dijo tsa Modimo, tseo ba nyehelang ka tsona, ba lokela ho halalela.


“O tle o re ho setjhaba: ‘Itlhwekisetseng letsatsi la hosasane, mme le tla ja nama, hobane Morena o utlwile le lla, le re: Ke mang ya tla re fa nama, hore re je? Re ne re phela hamonate Egepeta! Ka baka leo, Morena o tla le fa nama, mme le tla ja.


Hanghang mosadi a wela maotong a hae, a shwa. Bahlankana ha ba kena ba fumana a shwele; ba mo nkela kantle, ba ya mo epela pela monna wa hae.


Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ana, a re fatshe sihla! yaba o a shwa. Bohle ba utlwileng ba tlelwa ke tshabo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos