Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 11:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba Jehova o re ho Moshe: Mphuthele banna ba mashome a supileng ba baholo ba Iseraele, bao o ba tsebang hoba ke baholo ba setjhaba le ba nang le matla hodima sona; o ba tlise pela tente ya pokano, hore ba tle ba itlhahise le wena teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Morena a re ho Moshe: “Ntlisetse banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba setjhaba sa Iseraele, bao o tsebang hore ke baholo le baokamedi ba setjhaba sa Iseraele. O ba tlise ka Tenteng ya Morena, ba eme teng hammoho le wena.

Ver Capítulo Copiar




Numere 11:16
14 Referencias Cruzadas  

Bara ba Josefa, bao a ba tswaletseng naheng ya Egepeta, ba ne ba le babedi. Batho kaofela ba ntlo ya Jakobo ba neng ba tle Egepeta ba ne ba le mashome a supileng.


Moshe a kgetha hara Iseraele kaofela banna ba loketseng, a ba bea dihlooho tsa setjhaba, balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome.


Yaba Modimo o re ho Moshe: Nyolohela ho Jehova, le ena le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba mashome a supileng ba Iseraele, mme le kgumame le sa le hole.


Moshe le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Iseraele ba mashome a supileng, ba nyoloha; ba bona Modimo wa Iseraele;


Moshe le Aarone ba ya, ba phutha baholo ba bana ba Iseraele kaofela;


Ho itswe ke Jehova: Eya, o ithekele pitsa ya letsopa ho mmopi, o ye le baholo ba bang ba setjhaba le baholo ba baprista;


Hape, ho le banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba ntlo ya Iseraele; hara bona ho eme Jaasania, mora Shafane; ba eme pela tsona, e mong le e mong a ena le pitsa ya hae ya dibano ka letsohong la hae, mme mosi wa leru la dibano wa thukgubela.


Yaba Moshe o a tswa, a phetela setjhaba mantswe a Jehova; a kgetha ho baholo ba setjhaba banna ba mashome a supileng, mme a ba emisa ba teela tente hare.


Yaba Moshe o a ema, a ya ho boDathane le Abirame; mme baholo ba Iseraele ba mo sala morao.


Kamora taba tseo, Morena a boela a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle, le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng.


Ba mashome a supileng ba kgutla ba thabile, ba re: Morena, re hlotse le bona batemona ka lebitso la hao.


Yaba ke kgetha dihlooho tsa meloko ya lona, banna ba bohlale, ba tsejwang, ka ba bea dihlooho tsa lona, hore e be balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, le balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome, hape e be bahlahlobi ba meloko ya lona.


Bea baahlodi le dihlooho metseng yohle ya hao, eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona melokong ya hao, ba tle ba ahlole setjhaba ka kahlolo ya ho loka.


Mphutheleng baholo bohle ba meloko ya lona, le bahlahlobi ba lona, mme ke tla ba bolella ditaba tsena, ba tle ba di utlwe; mme ke tla bitsa lehodimo le lefatshe ho ba dipaki ho bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos