Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 11:16 - BIBELE

16 Morena a re ho Moshe: “Ntlisetse banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba setjhaba sa Iseraele, bao o tsebang hore ke baholo le baokamedi ba setjhaba sa Iseraele. O ba tlise ka Tenteng ya Morena, ba eme teng hammoho le wena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba Jehova o re ho Moshe: Mphuthele banna ba mashome a supileng ba baholo ba Iseraele, bao o ba tsebang hoba ke baholo ba setjhaba le ba nang le matla hodima sona; o ba tlise pela tente ya pokano, hore ba tle ba itlhahise le wena teng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 11:16
14 Referencias Cruzadas  

Bara ba Josefa, ba tswaletsweng Egepeta, ba ne ba le babedi; ba lelapa la Jakobo ba ileng ba tla Egepeta e bile batho ba mashome a supileng.


Moshe a kgetha banna ba bohlale hara Baiseraele bohle, a ba etsa dihlooho tsa setjhaba: ya eba babusi ba batho ba dikete, babusi ba batho ba makgolo, babusi ba batho ba mashome a mahlano, le babusi ba batho ba mashome.


Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho Morena, wena le Arone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Baiseraele ba mashome a supileng, le yo nkgumamela le le sebakana.”


Jwale Moshe, le Arone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Baiseraele ba mashome a supileng, ba nyoloha.


Moshe le Arone ba ya, ba fihla ba phutha baholo bohle ba bana ba Iseraele.


Morena o bua tjena: “Tsamaya, o yo reka nkgo ya letsopa. O tsamaye le ba bang ba baholo ba setjhaba, le ba bang ba baprista ba seng ba hodile.


Kapele ho tsona ho ne ho eme baholo ba ntlo ya Iseraele ba mashome a supileng, mme Jaasaneya, mora wa Shafane, a eme hara bona, e mong le e mong wa bona a tshwere pitsana ya mokubetso, ho foqoha mosi wa mokubetso o entse leru.


Moshe a tswa, a bolella setjhaba mantswe a Morena. A phutha banna ba mashome a supileng ba bao e leng baholo ba setjhaba, a ba emisa ho potapota Tente ya Morena.


Moshe a ema, a ya ho Datane le ho Abirame, mme baholo ba Iseraele ba ya le yena.


Kamora tsena Morena a kgetha ba bang ba mashome a supileng a metso e mmedi, a ba roma ka bobedi ho mo etella pele motseng o mong le o mong le sebakeng se seng le se seng moo a neng a hopotse ho ya teng.


Jwale ba mashome a supileng a metso e mmedi ba kgutla ka thabo, ba re: “Morena, esita le bademona ba ikokobeletsa rona ka baka la lebitso la hao!”


“Kahoo, merabeng ya lona, ke ile ka nka banna ba bohlale, ba tumileng, bao e leng dihlooho, ka ba etsa baokamedi ba lona: balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le balaodi ba ba mashome a mahlano, le balaodi ba ba mashome, le bangodi ba merabe ya lona.


“Metseng yohle, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, le kgethe baahlodi le baokamedi ka ho ya ka merabe ya lona. Ba ahlolele setjhaba ka toka.


Mpitsetseng baholo bohle ba merabe ya lona, le baokamedi ba lona, mme ke tla bua mantswe ana moo ba ntseng ba utlwa. Lehodimo le lefatshe e tla ba dipaki tse le tswang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos