Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 11:15 - BIBELE

15 Haeba o nketsa tjena, hlo mpolaye hona jwale, ke a o rapela, haeba o nkgauhetse, e le hore ke se ke ka bona bomadimabe ba ka.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ha ekaba o nketsa jwalo, oho, ke a o rapela, o mpolaye, ha ekaba ke fumane mohau pela hao; e, o mpolaye, ke tle ke se ke ka bona bomadimabe ba ka!

Ver Capítulo Copiar




Numere 11:15
12 Referencias Cruzadas  

Elia yena a qeta letsatsi a ntse a tsamaya hara lehwatata. A fihla a dula tlasa sehlahla sa tshinabele, a ikopela hore a shwe, a re: “Ho lekane! Oho, Morena, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bo-ntate ka letho!”


kahoo ke ikgethela lefu la ho kgangwa, ho ena le ho phela ke le masatswane.


Jwale ako se tshwarele sebe sena sa sona hle! Ho seng jwalo hlakola lebitso la ka bukeng eo o e ngotseng.”


Ke hobaneng bohloko ba ka ha bo sa fele? Qeba la ka le phephetha boladu, le hana ho fola? Na o tla itshwantsha le mothetsi ho nna, o be jwaloka sediba, diba se metsi a pshang?”


Ekaba ke ne ke tswelang popelong ya mme, hore ke tlo bona ditsietsi le maswabi, bophelo ba ka ke bo qete ke le dihlong?


Ka baka leo, oho, Morena, mpe o mpolaye, hobane ho molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”


Morena o fedisitse kahlolo ya hao, o timeditse le tsona dira tsa hao. Morena, Kgosi ya Iseraele, o na le wena, ha o ka ke wa tshoha koduwa.


Mamello e ke e hlahise mosebetsi o phethehileng, e le hore le be batho ba phethehileng ka ho tlala, ba sa hlokeng letho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos