Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 11:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Haele setjhaba, e re ho sona: Le itlhwekisetse letsatsi la hosasane, le tle le je nama, hobane le kile la lla ditsebeng tsa Jehova, la re: Ke mang ya tla re jesa nama, athe re ne re iketla Egepeta?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 “O tle o re ho setjhaba: ‘Itlhwekisetseng letsatsi la hosasane, mme le tla ja nama, hobane Morena o utlwile le lla, le re: Ke mang ya tla re fa nama, hore re je? Re ne re phela hamonate Egepeta! Ka baka leo, Morena o tla le fa nama, mme le tla ja.

Ver Capítulo Copiar




Numere 11:18
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Jakobo o re ho ba ntlo ya hae, le ho bohle ba neng ba na le yena: Lahlang medimo esele e hara lona; le itlhatswe, le apare diaparo disele.


a bo bolokile, a hanne ka bona, a bo bolokile mahalapeng a hae,


Modimo ke wona o tlang ho kgorisa mpa ya hae, o tla mo otla ka tjheso ya kgalefo ya wona, o e nese hodima nama ya hae.


O fedile wa otla lefika, mme metsi a phorosetsa, dinoka tsa phalla; hleka o ka re fa le bohobe, le ho otla setjhaba sa wona ka dinama na?


Moshe a ba a re: Ruri, Jehova o tla le fa nama mantsiboya le je, hosasane a le nee bohobe le kgore; hobane o utlwile ho dumaduma ha lona, kamoo le mo ngangisitseng kateng. Rona re eng? Ha le ngangise rona, le ngangisa Jehova.


Jehova a re ho Moshe: Bona, ke tla tla ho wena, lerung le letenya, hore setjhaba se tle se utlwe ha ke bua le wena, se be se o dumele kamehla. Moshe a tsebisa Jehova mantswe a setjhaba.


A re ho setjhaba: Itokisetseng letsatsi la boraro, mme le se ke la atamela basadi.


Esita le baprista ba atamelang Jehova, ba ikgalaletse le bona, esere Jehova a ba bolaya.


Setjhaba sa korotla, mme ha eba hobe ditsebeng tsa Jehova; Jehova a utlwa, mme kgalefo ya hae ya tuka; mollo wa Jehova wa tuka hara bona, wa qeta karolo ya diahelo e kamorao.


Jehova o tla le nea nama, mme le tla e ja; le tla e ja, e seng ka tsatsi le le leng, leha e le ka matsatsi a mabedi, leha e le ka matsatsi a mahlano, leha e le ka matsatsi a leshome, leha e le ka matsatsi a mashome a mabedi;


Empa bontata rona ba ne ba hane ho mo utlwa; ba mo nyatsa, mme ba kgutlela Egepeta ka dipelo tsa bona,


Ema, o hlwekise setjhaba, o re: Le itlhwekisetse hosasane, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Anathema e teng ho wena, Iseraele; o ke ke wa ema pela dira tsa hao, anathema e eso ho tloswe hara lona.


Setjhaba sa ya Bethele; ba dula teng pela Modimo, ha ba ha eba mantsiboya, ba lla, ba bokolla ka pokollo e kgolo haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos