Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 11:18 - BIBELE

18 “O tle o re ho setjhaba: ‘Itlhwekisetseng letsatsi la hosasane, mme le tla ja nama, hobane Morena o utlwile le lla, le re: Ke mang ya tla re fa nama, hore re je? Re ne re phela hamonate Egepeta! Ka baka leo, Morena o tla le fa nama, mme le tla ja.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Haele setjhaba, e re ho sona: Le itlhwekisetse letsatsi la hosasane, le tle le je nama, hobane le kile la lla ditsebeng tsa Jehova, la re: Ke mang ya tla re jesa nama, athe re ne re iketla Egepeta?

Ver Capítulo Copiar




Numere 11:18
16 Referencias Cruzadas  

Jakobo a re ho ba lelapa la hae le ho bohle ba neng ba ena le yena: “Tlosang medimo esele e teng hara lona, le itlhwekise, le apare diaparo disele, tse hlwekileng.


a sa ikutlwe ho ka kgaohana le bona, a bo moma, a bo boloka ka hanong la hae;


Etlare hoja a kgotshe sa mpana-phatloha, kgalefo ya Modimo e mo tlokomele malakabe, thala la metsu le mo lethehele hodimo.


Ke nnete, o ile a otla lefika, metsi a phutsalla, le dinokana tsa phorosela; ebe a ka tseba ho re fa bohobe, le ho fepa tjhaba sa hae nama?”


Moshe a re: “Ke Morena ya tla le fa nama mantsiboya, hore le je; le bohobe hoseng, hore le kgore, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Rona re bo-mang? Ha le korotlele rona, le korotlela Morena.”


Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho setjhaba, o re se itlhwekise kajeno le hosasane; se hlatswe le diaparo tsa sona.


mme sa hlatswa diaparo tsa sona. Jwale Moshe a re ho sona: “Itokisetseng letsatsi la boraro, ho se be monna ya tla kena dikobong tsa mosadi.”


Baprista bohle ba tla atamela pela Morena ba ke ba itlhwekise, esere a ba otla.”


Setjhaba sa korotla haholo moo Morena a ntseng a utlwa. Ha Morena a utlwa, bohale ba hae ba tlokoma, mollo wa Morena wa se laimela, wa tjhesa meedi ya diahelo lore!


Ha le ka ke la e ja ka tsatsi le le leng, kapa ka matsatsi a mabedi, kapa ka matsatsi a leshome, kapa ka matsatsi a mashome a mabedi,


“Empa bo-ntata rona ba ile ba hana ho mo mamela, ba mo sutumeletsa thoko, dipelo tsa bona tsa kgutlela Egepeta,


“Ema, o hlwekise setjhaba, mme o re ho sona: ‘Itlhwekisetseng letsatsi la hosasane hobane Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Thohako e teng hara lona, lona Baiseraele! Ha le na ho tseba ho thulana le dira tsa lona, ho fihlela le tlosa ntho eno e rohakehileng hara lona.


Setjhaba sa fihla Bethele, sa dula teng kapele ho Modimo, ho fihlela ka phirimana. Sa bokolla habohloko,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos