Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 19:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho setjhaba, o se hlwekise kajeno le hosasane: ba hlatswe diaparo tsa bona. Ba itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka tsatsi la boraro Jehova o tla theohela hodima thaba ya Sinai, mahlong a setjhaba kaofela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Se itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka letsatsi la boraro Morena o tla theohela hodima thaba ya Sinai, moo batho bohle ba tla mmona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 19:11
20 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o theoha ho tla bona motse le tora e hahuwang ke bana ba batho.


Wa ba wa theohela thabeng ya Sinai, wa bua le bona o le mahodimong; wa ba nea dikahlolo tse lokileng le melao ya nnete, le ditemoso tse molemo le ditaelo.


Jehova, sekamisa mahodimo a hao, o theohe; o ame dithaba, di kubelle!


A namisa mahodimo, a theoha, lefifi le letenya le le tlasa maoto a hae.


Ka tsatsi la boraro, ha bo esa, diaduma tsa eba teng, le mahadima, mme leru le letenya la eba hodima thaba, le modumo wa terompeta o matla ka ho fetisisa; mme setjhaba kaofela se neng se le diahelong sa thothomela.


Thaba ya Sinai e ne e kubella mosi kahohle hobane Jehova o ne a theohetse ho yona a le mollong; mosi wa yona wa lopallela hodimo jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba kaofela ya reketla haholo.


Jehova a theohela hodima thaba ya Sinai, qhoweng ya thaba; Jehova a biletsa Moshe qhoweng ya thaba, mme Moshe a nyoloha.


Kganya ya Jehova ya dula thabeng ya Sinai, mme leru la e apesa ka matsatsi a tshseletseng; ka la bosupa, a bitsa Moshe a le lerung.


Ponahalo ya kganya ya Jehova e ne e ka mollo o timetsang qhoweng ya thaba, mahlong a bana ba Iseraele.


Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.


O itokise e sa le hosasa, mme o hlwelle thabeng ya Sinai hosasa; o eme teng pela ka, qhoweng ya thaba.


Yaba Jehova o theohela lerung, a ema teng le yena, a bolela lebitso la Jehova.


Ke tla theoha, ke bue le wena teng; ke tla nka moyeng o hodima hao, mme ke tla o bea hodima bona; ba tla jara le wena phahlo ya setjhaba, mme ha o sa tla e jara o nnotshi.


Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora motho, ya leng lehodimong.


Hobane ke theohile lehodimong, e seng ho etsa ho ratwang ke nna, empa e le ho etsa ho ratwang ke ya nthomileng.


A re: Jehova o tlile a etswa Sinai; o ba tjhabetse a etswa Seire; a kganya a le thabeng ya Parane; o tlile a etswa makgotleng a diketekete a kgethehileng; ka letsoho la hae le letona, a ba romela mollo wa molao.


Letsatsing leo o neng o itlhahise Horebe pela Jehova, Modimo wa hao, Jehova o ne a itse ho nna: Mphuthele setjhaba, ke tle ke se utlwise mantswe a ka, hore ba tle ba ithute ho ntshaba ka matsatsi wohle a ho phela ha bona lefatsheng, mme ba rute bana ba bona.


Joshua a ntoo re ho setjhaba: Itlhwekiseng, hobane Jehova o tla etsa dimakatso hara lona hosasa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos