Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 19:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O tle o beele setjhaba moedi o teelang thaba hare, o re: Itemoheleng, le se ke la nyolohela thabeng, kapa la ama mosiko wa yona; motho e mong le e mong ya ka amang thaba, o tla bolaelwa ruri.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 O tle o beele setjhaba meedi e potapotang thaba, o re: ‘Hlokomelang le se ke la nyolohela thabeng, kapa la thetsa mosiko wa yona; ruri ya tla thetsa thaba o tla bolawa.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 19:12
11 Referencias Cruzadas  

Faro a re ho yena: Tloha ho nna, o itemohele, o se ke wa hlola o bona sefahleho sa ka, hobane ka tsatsi leo o bonang sefahleho sa ka ka lona, o tla shwa.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Theoha, o laele setjhaba, ba se tshohe ba phunyelletsa ka ho Jehova ho tla boha, mme ha eshwa ba bangata ho bona.


Yaba Moshe o re ho Jehova: Ha ho kamoo setjhaba se ka nyolohelang thabeng ya Sinai kateng, hobane o se o re boleletse, wa re: Etsetsang thaba moedi, e be ntho e halalelang.


Ho atamele Moshe a nnotshi pela Jehova, ba bang ba se ke ba atamela, le sona setjhaba se se ke sa nyoloha le yena.


O tle o iponele, esere mohlomong wa etsa selekane le ba ahileng fatsheng leo o tla fihla ho lona, ba tle ba se ke ba o fetohela leraba.


Ho se ke ha nyoloha motho le wena; ho se ke ha bonwa motho thabeng yohle; esita le dinku le dikgomo, di se ke tsa tla fula pela thaba ena.


O laele setjhaba, o re: Le a feta meeding ya banababo lona, bana ba Esau ba ahileng Seire, mme ba tla le tshaba. Iponeleng haholo ke hona;


Feela, iponele, mme o lebele moya wa hao haholo, o tle o se ke wa lebala ditaba tseo mahlo a hao a di boneng, mme di se ke tsa tswa pelong ya hao le ka letsatsi le le leng la ho phela ha hao. Hape, o di phetele bana ba hao le bana ba bana ba hao.


Hobane ha le a tla thabeng e ka angwang ka letsoho, leha e le mollong o tjhesang, leha e le lerung le letsho, leha e le lefifing, leha e le sefefong,


Le mpe le siye sebaka mahareng a lona le yona areka, se ka bang ditswe tse kete tse pedi; le se ke la tla haufi le yona, le tle le tsebe tsela eo le tla ya ka yona; hobane ha le eso ho ye ka tsela eo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos