Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 19:12 - BIBELE

12 O tle o beele setjhaba meedi e potapotang thaba, o re: ‘Hlokomelang le se ke la nyolohela thabeng, kapa la thetsa mosiko wa yona; ruri ya tla thetsa thaba o tla bolawa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O tle o beele setjhaba moedi o teelang thaba hare, o re: Itemoheleng, le se ke la nyolohela thabeng, kapa la ama mosiko wa yona; motho e mong le e mong ya ka amang thaba, o tla bolaelwa ruri.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 19:12
11 Referencias Cruzadas  

Faro a re ho Moshe: “Tloha pela ka! O itlhokomele, ke se hlole ke o bona hape, hobane mohla nka tshohang ke o bona hape, ke tla o bolaya!”


Yaba Morena o re ho Moshe: “Theoha, o hlokomedise setjhaba esere mohlomong sa phunyeletsa ho tla bona Morena, mme sa eshwa ka bongata.


Moshe a re ho Morena: “Batho ba sitwa ho tla pela thaba ya Sinai, hobane o ile wa re laya, wa re: ‘Etsetsang thaba meedi, mme le e halaletse.’ ”


Moshe a le inotshi a atamele ho Morena, empa ha e le ba bang ba se ke ba atamela, le sona setjhaba se se ke sa nyoloha le yena.


Hlokomela, o se ke wa etsa selekane la baahi ba naha eo o yang ho yona, esere selekane seo ya eba leraba hara lona.


Ho se be motho ya tla nyoloha le wena; ho se be motho ya ka bonwang kae kapa kae thabeng eo. Mehlape ya dinku le ya dikgomo e se ke ya fula thabeng eo.”


Laela setjhaba, o re: Le lekgatheng la ho feta meeding ya bana babo lona, bana ba Esau, ba ahileng Seire. Ba tla le tshoha; ka baka leo, itlhokomeleng.


“Feela le itlhokomele, le be hlokolosi, esere la lebala dintho tseo le di bonang ka mahlo a lona, kapa tsa hlakoha dipelong tsa lona ka matsatsi wohle a bophelo ba lona. Empa lona le di tsebise bana ba lona, le ditloholo tsa lona.


Lona ha le a tla thabeng e ka angwang ka matsoho, e tukang malakabe, e lefifi, e ntsho, e hara sefefo,


Feela pakeng tsa lona le yona ho be le sebaka se bolelele bo ka bang ba kilomethara. Le se ke la atamela haufi le yona, le tle le tsebe tsela eo le tla tsamaya ka yona, hobane ha le eso ka le tsamaya ka tsela ena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos