Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 19:13 - BIBELE

13 Ho se be motho ya mo amang ka letsoho: a tlepetswe ka majwe, kapa a hlajwe ka metsu, a shwe; leha e ka ba motho, kapa phoofolo, a se ke a phela. E tle ere ha ho letswa lenaka batho ba nyolohele thabeng.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ho se be motho ya e amang ka letsoho, a mpe a tlepetswe ka majwe, mohlomong a bolawe ka metsu; kapa e leng phoofolo, kapa e leng motho a ke ke a phela. Etlare ha terompeta e lla, ba tle ba tle thabeng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 19:13
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Moshe o theohela ho batho a etswa thabeng, a hlwekisa setjhaba,


Ka letsatsi la boraro, e sa le hoseng, ha eba teng diaduma le mahadima, le leru le letsho hodima thaba, le modumo o moholo wa lenaka; setjhaba sohle se diahelong sa thothomela.


Yaba Moshe o se ntsha diahelong ho kgahlanyetsa Modimo; sa emisa tlasa thaba.


Ha modumo wa lenaka o eketseha, o utlwahala haholo, Moshe a bua, mme Modimo a mo arabela ka lentswe le kang letolo.


Ho se be motho ya tla nyoloha le wena; ho se be motho ya ka bonwang kae kapa kae thabeng eo. Mehlape ya dinku le ya dikgomo e se ke ya fula thabeng eo.”


hanghang, ka ho panya ha ntshi, ha ho lla terompeta ya mehla ya bofelo, hobane terompeta e tla lla, bafu ba tla tsoha ba se ke ba bola, mme rona re tla fetoha.


Mohla ho hlahang taelo, ka lentswe la lengeloileholo, ka terompeta ya Modimo, Morena ka sebele o tla theoha lehodimong, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.


Ba ne ba ke ke ba mamela taelo e reng: “Esita le phoofolo ha e ka thetsa thaba, e tla tlepetswa ka majwe.”


Ba laletseng ba potlakela ho futuhela Gibea. Bao ba laletseng ba ropoha, ba bolaya bohle ba motseng oo ka sabole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos