Yaba Abrahama o wa ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong ya hae: Na monna ya dilemo tse lekgolo a ka bona ngwana, le Sara ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, hleka a ka beleha na?
A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe,
Yaba o re: Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o ipata sefahleho, kahobane o tshaba ho tadima Modimo.
Jwaloka ponahalo ya mookodi ha o bonahala lerung mohla pula, ponahalo ya kganya eo ka nqa tsohle e ne e le jwalo. E ne e ka ponahalo ya kganya ya Jehova. Eitse ha ke bona hoo, ka itiha ka sefahleho sa ka, mme ka utlwa lentswe la e mong ya buang.
Yaba ke a ema, ka ya nahathothe, mme ka bona kganya ya Jehova e eme teng, jwaloka kganya eo ke neng ke e bone pela noka ya Kebare; yaba ke itiha ka sefahleho sa ka.
Ba re ba sa hlabaka, nna ke sa ntsane ke setse, ka itiha fatshe ka sefahleho, ka meketsa, ka re: Jo! Morena Jehova, na o tla timeletsa masala wohle a Iseraele, haele moo o tshollela Jerusalema kgalefo ya hao?
Ka utlwa modumo wa dipolelo tsa hae; eitse ha ke utlwa modumo wa dipolelo tsa hae, ka idibana, ka wela fatshe ka sefahleho, mme sefahleho sa ka sa ama fatshe.
Yaba ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: Oho, Modimo, wena, Modimo wa meya ya nama yohle, na leha ho sitilwe motho a le mong, o ka halefela phutheho yohle na?
Eo a re: Tjhe, empa ke tlile jwale, ke le molaodi wa makgotla a Jehova. Yaba Joshua o wela fatshe ka sefahleho, a inama, a re ho yena: Morena ka o reng ho mohlanka wa hae?
Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.
Yare ha malakabe a aletare a nyolohela lehodimong, lengeloi la Jehova la nyoloha le lona malakabeng a aletare, Manowa le mosadi wa hae ba ntse ba tadimile; mme ba itihela fatshe ka difahleho tsa bona.