Thaba ya Sinai e ne e kubella mosi kahohle hobane Jehova o ne a theohetse ho yona a le mollong; mosi wa yona wa lopallela hodimo jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba kaofela ya reketla haholo.
O ke o itise ka baka la lona, o mamele lentswe la lona. O se ke wa ikgantshetsa lona, hobane le ke ke la o tshwarela boikgantsho ba hao, etswe lebitso la ka le le ho lona.
Jehova a re: Ke tla fetisa molemo wohle wa ka pontsheng ya hao; ke bolele lebitso la Jehova pela hao; ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ke rekolohele eo ke mo rekolohelang.
Ke tla theoha, ke bue le wena teng; ke tla nka moyeng o hodima hao, mme ke tla o bea hodima bona; ba tla jara le wena phahlo ya setjhaba, mme ha o sa tla e jara o nnotshi.
Jehova a theoha lerung, a bua le yena, a nka moyeng o leng hodima Moshe, a o bea hodima baholo ba mashome a supileng. Eitse hobane moya o dule hodima bona, hang ba hla ba porofeta; empa ba se ke ba hlola ba pheta.