La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 9:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ke wena Jehova, Modimo o neng o kgethe Abrahama; wa mo falatsa Ure ya Bakalde, wa mo rea lebitso la Abrahama.

Ver Capítulo

BIBELE

Ke wena Morena Modimo ya neng a kgethe Aborame, wa mo ntsha naheng ya Ure, Ure ya Bakalatiya, wa mo rea lebitso la Aborahama.

Ver Capítulo



Nehemia 9:7
11 Referencias Cruzadas  

Tera a nka mora hae Abrame, le setloholo sa hae Lota, mora Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mohatsa Abrame, mora hae; mme ba tswa Ure wa Kalde ho ya lefatsheng la Kanana. Ba fihla Kharane, ba aha teng.


A ntoo re ho yena: Ke nna Jehova ya o ntshitseng Ure wa Kalde, ke tle ke o fe lefatshe lena, e be lefa la hao.


Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Abrame (ntate ya phahameng), empa lebitso la hao e tla ba Abrahama, hobane, ke o beile hore o be raditjhabatjhaba.


Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.


Abrame, e leng yena Abrahama.


Lebisang mahlo ho Abrahama ntata lona, le ho Sara ya le tswetseng; hobane ke mmitsitse ha a le nnotshi, ka mo hlohonolofatsa, ka mo atisa.


Jehova o kgomaretse bontatao ba nnotshi hore a ba rate, mme kamora bona, o kgethile ditloholo tsa bona, ke ho re lona, hara ditjhaba tsohle, kamoo ho leng kateng le kajeno.