Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 51:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Lebisang mahlo ho Abrahama ntata lona, le ho Sara ya le tswetseng; hobane ke mmitsitse ha a le nnotshi, ka mo hlohonolofatsa, ka mo atisa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Tadimang ho ntata lona, ntata lona Aborahama, le tadime le ho Sara ya le belehileng. Ha ke bitsa Aborahama o ne a se na ngwana, ka mo hlohonolofatsa, ka ba ka mo anafatsa.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 51:2
23 Referencias Cruzadas  

ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona.


Abrahama o ne a tsofetse, a atetswe ke matsatsi, mme Jehova o ne a hlohonolofaditse Abrahama dinthong tsohle.


Jehova o hlohonolofaditse mong a ka haholo, ebile ke motho e moholo, mme o mo neile manku le makgomo, le silefera, le kgauta, le bahlanka ba batona le ba batshehadi, le dikamele le diesele.


Ka baka leo, Jehova ya lopolotseng Abrahama o bolella ntlo ya Jakobo, o re: Jwale, Jakobo ha a sa tla ba le dihlong, sefahleho sa hae ha se sa tla hlola se swaba.


Empa wena Iseraele, mohlanka wa ka, Jakobo, wena eo ke ikgethetseng yena, leloko la Abrahama, moratuwa wa ka,


Ntatao moholo o sitilwe, baruti ba hao ba ikgantsheditse nna.


Mamelang taba ena, lona ntlo ya Jakobo, ba ipitsang ka lebitso la Iseraele, bao le tswileng mohloding wa Juda, bao le anang ka lebitso la Jehova, ba rorisang Modimo wa Iseraele, empa e seng ka nnete le ka ho loka.


E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ya nyatsehang a fetohe setjhaba se sengata. Nna Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ya teng.


Athe o ntata rona; Abrahama yena a ke ke a re tseba, le Iseraele a ka re hana; wena Jehova, o ntata rona, mme lebitso la hao ke Molopolli wa rona, esale hlolehong.


Mora motho, ba ahileng dithakong tsane, lefatsheng la Iseraele, ba bolela hore: Abrahama o ne a le mong; leha ho le jwalo, a rua lefatshe; rona, re bangata, lefatshe lena re le neilwe hore re le rue.


Jehova, Modimo wa lona, o le atisitse, mme ke mona kajeno le le ka ka dinaledi tsa lehodimo ka bongata.


Teng o tla bolela, o re pela Jehova, Modimo wa hao: Ntate e ne e le Moarame wa mosepedi; o ne a theohele Egepeta, a ahella teng a ena le batho ba seng bakaenyana; a fetoha teng setjhaba se seholo, se matla, se atileng haholo.


Ka thola ntata lona Abrahama mose wane ho noka, ka mo tsamaisa hara naha yohle ya Kanana, ka atisa bana ba hae, ka mo fa le Isaka;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos