Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 51:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mmameleng, lona ba latelang ho loka, ba batlang Jehova; lebisang mahlo lefikeng leo le kgephotsweng ho lona, le thabeng eo le tjhekilweng ho yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 “Lona ba labalabelang ho loka, mmameleng, le lona ba batlang Morena: Tadimang lefika leo le kgephotsweng ho lona, le morafo oo le tjhekilweng ho wona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 51:1
29 Referencias Cruzadas  

a tswela ho ya kgahlanyetsa Asa, a re ho yena: Asa, le lona Bajuda bohle le Benjamine, mmameleng. Jehova o na le lona mohla lona le nang le yena. Ha le ka nna la mmatla, o tla nne a fumanwe ke lona: mme ha le ka mo furalla, o tla le furalla le yena.


enereha ba le tsietsing, ba ne ba sokolohela ho Jehova, Modimo wa Iseraele, ba ne ba mmatla, mme o ne a fumanwa ke bona.


Ke eo kabelo ya ba itlhahisang ho yena, ba batlang sefahleho sa hao, Modimo wa Jakobo. (Sela.)


hobane kahlolo e tla kgutlela ho lokeng, mme bohle ba pelo tse lokileng ba tla ya ka hona.


Tsela ya e mobe ke manyala ho Jehova; empa o rata ya phehellang ho loka.


Ya phallelang ho loka le mohau o tla fumana bophelo, le ho loka, le kganya.


Ha ke a ka ka bolela sephiring, leha e le nqalong e lefifi ya lefatshe, ha ke a ka ka re ho moloko wa Jakobo: Le mpatle feela. Nna, Jehova, ke bolela nnete, ke tsebisa se lokileng.


Mamelang taba ena, lona ntlo ya Jakobo, ba ipitsang ka lebitso la Iseraele, bao le tswileng mohloding wa Juda, bao le anang ka lebitso la Jehova, ba rorisang Modimo wa Iseraele, empa e seng ka nnete le ka ho loka.


Mmamele, Jakobo, le wena Iseraele eo ke o bitsitseng! Ke nna ke leng wa pele, le wa morao esale nna.


Mmamele hantle, setjhaba sa ka, o sekehe tsebe, wena phutheho ya ka! Hobane molao o tla tswa ho nna, mme ke tla bea molao wa ka, e be lesedi la ditjhaba.


Mmameleng, lona ba tsebang ho loka, lona batho ba nang le molao wa ka dipelong tsa lona; le se ke la tshaba nyatso ya batho, le se ke la tshoha ditshomo tsa bona.


Batlang Jehova ha a sa fumanwa, le mo rapele ha a sa le haufi.


Lehwatata la Sharone e tla ba meraka ya manku, kgohlo ya Akore e be makgulo a makgomo a setjhaba sa ka se mpatlileng.


Batlang Jehova, le tle le phele, esere mohlomong a wela ntlo ya Josefa jwaloka mollo, mme mollo oo wa fedisa Bethele, ho se motho ya o timang.


Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatshe, ba etsang ka taelo ya hae; batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tshoha le patwa tsatsing la bohale ba Jehova.


Ho lehlohonolo ba lapelang ho loka, ba nyoretsweng hona; hobane ba tla kgoriswa.


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme dintho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


Hobane ka baka la ho se tsebe ho loka ha Modimo, le ka baka la ho hloma ho loka hoo e leng ha bona, ha ba ka ba ipea tlasa ho loka ha Modimo;


A re ke re batleng ke hona ditaba tse hlahisang kgotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona.


Banabeso, haele nna, ha ke itekanye hore ke se ke se hapile;


Haele wena he, monna wa Modimo, sesefa ntho tseo, mme o mathele ho loka, le borapedi, le tumelo, le lerato, le mamello, le mosa.


O ke o balehele ditakatso tsa botjha, mme o phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le kgotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hlwekileng.


Phehellang, ho ba le kgotso le batho bohle, le kgalalelo eo ho seng motho a tlang ho bona Modimo, ha a se na yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos