Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 15:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 A ntoo re ho yena: Ke nna Jehova ya o ntshitseng Ure wa Kalde, ke tle ke o fe lefatshe lena, e be lefa la hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Yaba o re ho yena: “Ke nna Morena ya o ntshitseng Ure e naheng ya Bakalatiya, ho tla o nea naha ena hore e be ya hao.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 15:7
16 Referencias Cruzadas  

Jehova a re ho Abrame: Tloha lefatsheng la heno, le ho mofuta wa hao, le tlung ya ntatao, o ye lefatsheng leo ke tlang ho o bontsha lona.


Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


O o nee lehlohonolo la Abrahama, wena le mofuta wa hao o o hlahlamang, o tle o rue lefatshe leo o jakileng ho lona, leo Modimo o le neileng Abrahama.


Josefa a re ho banababo: Ke se ke ya shwa, mme Modimo o tla le etela ruri, a le ntshe naheng ena, a le ise naheng eo a hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla ba nea yona.


a re: Ke tla o nea lefatshe la Kanana, e be kabelo ya lefa la lona.


Hobane o ne a hopotse lentswe la hae le kgethehileng, a hopotse le Abrahama, mohlanka wa hae.


A ba fa mafatshe a dijhaba, ba inkela mesebetsi ya merabe;


Hopola Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, bahlanka ba hao, bao o ba hlapanyeditseng ka wena, wa re ho bona: Ke tla atisa ditloholo tsa lona, di be ka ka dinaledi tsa mahodimo, ke nee ditloholo tsa lona lefatshe lohle leo ke le boletseng, mme di le rue ka ho sa feleng.


Le tla hapa naha, mme le tla ikahela ho yona; hobane ke le neile naha, e tle e be leruo la lona.


Leha e le pallo ya ho rua lefatshe ka mokgwa wa lefa, ha e a ka ya etsetswa Abrahama le ditloholo tsa hae ka molao, empa e bile ka ho loka ha tumelo.


Mohlang oo, ka le laela, ka re: Jehova, Modimo wa lona, o le neile naha eo, hore le e rue. Haele lona, banna bohle ba bahale, etellang banababo lona, bana ba Iseraele, pele, le hlometse.


Hase ka baka la ho loka ha hao, leha e le ka baka la bokgabane ba pelo ya hao, o yang ho kena lefatsheng la bona ho le rua; empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova, Modimo wa hao, a tlang ho di falatsa pela hao, a tle a tiise lentswe leo Jehova a le boleletseng bontatao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, ka kano.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos